Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 6:13 - BIBELE

13 o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 6:13
57 Referencias Cruzadas  

Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.”


Benaya, mora wa Jehoyada, a araba kgosi, a re: “A ho ke ho be jwalo! Morena Modimo wa monga ka, kgosi ya ka, le yena a tiise taba eo!


Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, a bokwe jwale, le kamehla yohle.” Setjhaba sohle sa re: “A ho ke ho be jwalo! Bokang Morena!”


Boholo, le matla, le tlotla ke tsa hao, Morena, le tlholo, le botlotlehi. Tsohle tse lehodimong le lefatsheng ke tsa hao; mmuso ke wa hao, Morena, ke wena hlooho, o phahametse tsohle.


Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.


Morena ke kgosi kamehla le mehla, baditjhaba ba fedile naheng ya hae.


Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, a bokwe kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello. Setjhaba sohle se ke se re: “A ho be jwalo!” Haleluja!


Lefatshe ka bophara ba lona le hopole Morena, le ke le kgutlele ho yena; merabe yohle ya lefatshe e itihele, e ke e itihele maotong a hae;


O tla mpoloka ke se na kodi, o mpee kapela hao kamehla.


Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi; faphang Modimo ka mehoo ya thabo.


Rokang Modimo, mo rokeng; rokang kgosi ya rona, e rokeng.


Lebitso la hae le tlotlehang le bokwe, le bokwe kamehla le mehla, lefatshe lohle le tlale tlotla ya hae. A ho be jwalo! A ho be jwalo!


Morena, dira tsa hao di re hlapaotse, di setse motlotsuwa wa hao morao di ntse di mo hlapaola.


Morena o tla busa kamehla le mehla!”


Suthisetsa bolotsana le mashano hole le nna, o se ke wa nthuisa kapa wa mphutsanehisa, o mphepe ka dijo tse ntekaneng;


“Ke tla o pholosa matsohong a ba kgopo, ke o lopolle matsohong a ba sehloho.”


Moporofeta Jeremia a re: “A ho be jwalo! Morena a ke a etse jwalo! Morena a phethahatse mantswe a hao, ao o a porofetileng; a ke a kgutlise thepa ya Tempele ya Morena, le bohle ba ileng ba thopuwa, ba kgutle Babilona, ba tle kwano.


O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha; o tla ja jwang jwaloka dikgomo, o lalwe ke phoka ya lehodimo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.


Empa bahalaledi ba Ya Hodimodimo ba tla nka mmuso e be wa bona kamehla; e, kamehla le mehla.’


Metsi ana a tlisang thohako a ke a kene ka maleng a hao, a hohomose mpa ya hao, o fetohe nyopa.” “ ‘Mosadi o tla re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!”


Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.”


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Ha le re ‘e’, le re ‘e’; ha le re ‘tjhe’, le re ‘tjhe’; ha e le ho fetang hoo, ho tswa ho E Mobe.”


Mmuso wa hao o tle; thato ya hao e etswe lefatsheng jwaloka lehodimong.


Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe.


Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.


Ho seng jwalo, ha ho ka ba teng phuthehong motho eo e esong ho be Mokreste, o tla re “Amen!” jwang thapelong ya hao ya teboho, athe ha a utlwisise seo o se bolelang?


Ke yena eo e leng “e” ditshepisong tsohle tsa Modimo. Ke ka baka leo e ntseng e le ka yena re reng “a ho be jwalo!” ha re tlotlisa Modimo.


Kreste o itetse ka baka la dibe tsa rona, hore a tle a re lopolle lefatsheng lena le kgopo, ho ya ka thato ya Modimo Ntata rona.


Ha le le lehwatateng, Morena o ile a le fepa manna, ao bo-ntata lona ba neng ba sa a tsebe, hore a le kokobetse, a le leke, qetellong a tle a le etsetse tse molemo.


Le hopole leeto lohle leo Morena Modimo wa lona, a le tsamaisitseng lona lehwatateng ka dilemo tsena tse mashome a mane. O ile a le kokobetsa, a le leka, hore a bone se ka dipelong tsa lona, hore na le tla boloka melao ya hae kapa tjhe.


mme le lebelle Mora wa hae ya tla tswa lehodimong, Jesu eo a mo tsositeseng bafung, yena ya tla re phemisa kgalefo e tlang.


Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe.


Ho Kgosi ya mehla yohle, ho Modimo ya sa shweng, ya sa bonweng, ya inotshi, e be hlompho le tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Ba bang ba ile ba feta hara ditshomo le ditjhapo, ba kenngwa ditlamong le ditjhankaneng.


Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.


Morena o tseba ho ntsha ba lokileng molekong, empa ba kgopo o ba bolokela kotlo ya mohla letsatsi la kahlolo,


Ya ntseng a etsa sebe ke wa Diabolosi, hobane haesale Diabolosi a etsa sebe ho tloha tshimolohong. Seo Mora wa Modimo a se tletseng ke ho fedisa mesebetsi ya Diabolosi.


ke nna ya phelang. Ke ne ke shwele, empa ke nna enwa ke phela kamehla le mehla. Ke tshwere dinotlolo tsa lefu le tsa Nqalo ya Bafu.


Kamorao ho tsena ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi le buang lehodimong, le re: “Haleluja! Tlholo, le tlotla, le matla ke tsa Modimo wa rona,


Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse nne tse phelang, ba itihela fatshe, ba kgumamela Modimo ya dutseng teroneng, ba re: “Amen, Haleluja!”


O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.


O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”


Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe.


“Ngolla moruti wa kereke e Laodisea, o re: “Tsena di bolelwa ke Amen, eo e leng paki e tshepahalang, ya nnete, mohlodi wa tsohle tse bopilweng ke Modimo,


Le dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse botebong ba lefatshe, le tse lewatleng, tsohle tse ho tsona ka di utlwa di re: “Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana e be thoriso, le hlompho, le tlotla, le matla, kamehla le mehla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos