Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:3 - BIBELE

3 Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Eitse hobane a dule thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena ba nnotshi, ba re ho yena: Re bolelle nako taba tseo di tla etsahala ka yona, le ntho eo e tla ba pontsho ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: Re bolelle, tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: Re bolelle, tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:3
23 Referencias Cruzadas  

Yaba Jesu o tloha hara matshwele, o kena ka tlung. Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Ako re qaqisetse setshwantsho sa mofoka o tshimong.”


Ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale; mangeloi a tla tla a kgethe ba kgopo ho ba lokileng,


Yaba barutuwa ba tla ho yena, ba re: “Na o a tseba hore Bafarisi ba kgopisitswe ke seo o ileng wa se bua?”


Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.


Ruri ke a le bolella: Ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu ho fihlela ba bona Mora Motho a etla ka Mmuso wa hae.”


Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ka lekunutu, ba re: “Ke ka baka lang rona re sitilweng ho leleka modemona?”


Ha ba atamela Jerusalema, mme ba fihla Bethefage, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma barutuwa ba babedi,


hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.


“Jwale pontsho ya Mora Motho e tla hlaha lehodimong, merabe yohle ya lefatshe e tla ikotla difuba ka dillo, mme e tla bona Mora Motho a etla a le hodima maru a lehodimo, ka matla le ka tlotla e kgolo.


Jwaloka mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo ha Mora Motho a etla.


Ha ba a ka ba tseba ho fihlela morallo wa metsi o fihla, o ba hohola kaofela. Ho tla ha Mora Motho le hona ho tla ba jwalo.


Le a tseba hore hoja monga ntlo a tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona bosiu, a ka be a ile a fadimeha, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Ba mmotsa, ba re: “Moruti, dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ha tseo di se di tla etsahala?”


A re ho bona: “Ha le a tshwanela ho tseba dinako kapa mehla e taolong ya Ntate,


Hoja ho ne ho le jwalo, e ne eka kgona a hlokofatswe hangata ho tloha tlholehong ya lefatshe. Empa o bonahaditswe hanngwe feela mehleng ena ya qetello, ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos