Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:4 - BIBELE

4 Jesu a ba araba, a re: “Hlokomelang, le se ke la tshoha le kgeloswa ke motho ofe kapa ofe!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jesu a ba araba, a re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa ke motho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Jesu a araba, a re ho bona: Iponeleng, le se ke la thetswa ke motho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Jesu a araba, a re ho bona: Iponeleng, le se ke la thetswa ke motho.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:4
14 Referencias Cruzadas  

“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Se dumeleng ho thetswa ke baporofeta ba lona le dinohe tse phelang hara lona; le se ke la kgolwa ditoro tsa lona, tseo le reng mathuela a di lore.


“Kahoo Morena o bua tjena: Le se ke la ithetsa ka ho re: ‘Ruri Bakalatiya ba tla re tlohela.’ Ba ke ke ba le tlohela!


Bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso, hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


A re: “Hlokomelang hore le se ke la tshoha le kgeloswa, hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna,’ ba be ba re: ‘Nako e atametse.’ Le se ke la ba sala morao.


Ha motho a ikgopola hore ke letho, empa e se letho, o a ithetsa.


Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.


Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela, hobane ka baka la tse jwalo kgalefo ya Modimo e tlela ba sa mo mameleng.


Le se ke la hlokiswa moputso wa lona ke ba ikokobetsang ka mokgwa o fosahetseng, mme ba rapelang mangeloi, ba reng ba bona dipono, ba ikgohomosang ka dintho tsa lefeela ka baka la menahano ya bona ya botho.


Hlokomelang, esere e mong a le tshwasa, a le thetsa ka mafeela a bohlale ba botho, bo ipapisitseng le meetlo ya batho, boo e leng ba meya e busang lefatshe, e seng ba Kreste.


Ho se be ya le thetsang ka tsela efe kapa efe. Pele ho Letsatsi leo ho tla ba le bokwenehi, mme ho senolwe Ya Kgopo, ya tlamehileng ho timela.


Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos