Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jesu a ba araba, a re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa ke motho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Jesu a ba araba, a re: “Hlokomelang, le se ke la tshoha le kgeloswa ke motho ofe kapa ofe!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Jesu a araba, a re ho bona: Iponeleng, le se ke la thetswa ke motho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Jesu a araba, a re ho bona: Iponeleng, le se ke la thetswa ke motho.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:4
14 Referencias Cruzadas  

Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le se ke la nna le thetswa ke baporofeta ba lona ba hara lona, le ke dinohe tsa lona; le se ke la mamela balori ba lona bao le batlang ditoro ho bona.


Ho itswe ke Jehova: Le se ke la ithetsa ka ho re: Bakalde ba fela ba tla tloha, ba ye hole le rona, athe ha ba tla ke ba tloha.


Hobane ho tla hlaha Bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa dipontsho le mehlolo, ba tle ba thetse le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


A re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa; hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste, nako e atametse. Empa le se ke la ba latela.


Hobane ekare ha e mong a itekanya hore ke letho, athe hase eng, o ithetsa e le yena.


hore re se hlole re eba bana, ba jwaloka mahohodi, ba fetohelang moyeng o mong le o mong wa thuto e ntjha, ka thetso ya batho, le ka mano a bona a ho kgelosa ka bohata;


Motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tsa lefeela; hobane ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlelang bana ba ho se dumele.


Motho a se ke a le hlokisa moputso ka ho rata ha hae, ka taba tse kang boikokobetso, le tshebeletso ya mangeloi, a ikenya ho tseo a sa kang a di bona, ke ho ikgohomosetsa lefeela ka kutlo ya hae ya nama,


Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ya ka dithuto tseo batho ba neanang tsona, ka ho latela ditaba tsa qalo tsa lefatshe, e seng Kreste.


Le se ke la thetswa ke motho le ka mokgwa o le mong; hobane e ka kgona ho etsahale kweneho pele, mme ho hlahe motho eo wa sebe, mora tahleho;


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos