Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:4 - Baasraak Sotho NT

4 Jesu a araba, a re ho bona: Iponeleng, le se ke la thetswa ke motho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jesu a ba araba, a re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa ke motho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Jesu a ba araba, a re: “Hlokomelang, le se ke la tshoha le kgeloswa ke motho ofe kapa ofe!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Jesu a araba, a re ho bona: Iponeleng, le se ke la thetswa ke motho.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:4
14 Referencias Cruzadas  

Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo le meeka, ho kgelosa le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


A re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa; mme nako e ntse e atamela: le se ke la ba sala morao.


Hobane ha motho a itekanya hore ke letho, athe hase letho, o a ithetsa.


hore re tle re se ke ra hlola re eba bana, ba hehehelwang kwana le kwana, ba fefolwang ke moya o mong le o mong wa thuto, ka mano a batho, ka mano a mano a ho thetsa ka bona;


Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela;


Ho se be motho ya le thetsang mabapi le moputso wa lona ka boikokobetso ba boithatelo ba lona, le ka borapedi ba mangeloi, ka ho itshunyatshunya dinthong tseo a sa kang a di bona, a ikgohomositse lefeela ka kelello ya hae.


Hlokomelang, esere mohlomong motho a le tlatlapa ka bohlale ba hae, le ka thetso ya lefeela, ka ho ya ka meetlo ya batho, le ka tsa pele tsa lefatshe, e seng Kreste.


Ho se be motho ya le kgelosang ka mokgwa ofe kapa ofe, hobane letsatsi leo le ke ke la tla, ntle le hore ho kgelohe pele ho tle, mme monna eo wa sebe a senolwe, mora tahleho;


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya hore na e tswa ho Modimo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos