Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 26:2 - BIBELE

2 “Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho itswe ke Jehova: Eya, o eme lebaleng la ntlo ya Jehova, o bolelle ba metse kaofela ya Juda ba kenang ho ya kgumama ka tlung ya Jehova mantswe wohle ao ke o laetseng ho ba bolella wona; o se ke wa ba lobela lentswe leha le le leng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 26:2
32 Referencias Cruzadas  

“Ka baka leo, wena itlame letheka, o eme, o bue le tjhaba seo, o se bolelle tsohle tseo ke o laelang tsona. O se ke wa tshaba ha o se bona, esere ka o tshosa o le kapela sona.


Empa Morena a re ho nna: “Se ke wa re: ‘Ke sa le ngwana,’ hobane o tla ya ho bohle bao ke tla o roma ho bona, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona.


Yaba Jeremia o kgutla Tofete, moo Morena a neng a mo rometse teng ho ya porofeta. A fihla a ema lebaleng la Tempele ya Morena, a re ho setjhaba sohle:


Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena.


Yaba moporofeta Jeremia o bua ho setjhaba sohle sa Juda, le ho baahi bohle ba Jerusalema, o re:


Jwale moporofeta Jeremia, moo baprista le setjhaba sohle se neng se eme ka Tempeleng ya Morena se ntseng se le teng, a araba moporofeta Hananiya.


Yaba Baruke o bala mantswe a Jeremia bukeng eo, yena a le ka Tempeleng ya Morena, ka kamoreng ya Gemariya, mora wa Shafane, eo e neng e le mongodi wa puso. Kamore ena e ne e le lebaleng le kahodimo, kgorong ya Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. A a bala moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.


Moporofeta Jeremia a re ho bona: “Ke le mametse; bonang, ke tla rapela Morena Modimo wa lona, ho ya kamoo le kopileng kateng, mme ke tla le bolella tsohle tseo Morena a tla di bua, ke sa le patele letho.”


“Ema monyako wa Tempele ya Morena, o phatlalatse lentswe lena o le hona teng, o re: ‘Mamelang lentswe la Morena, lona bohle ba morabe wa Juda, ba kenang ka monyako ona ho tla kgumamela Morena.


“Ka baka lena, o tla ba bolella dipolelo tsena tsohle, empa ha ba ka ke ba o mamela; ha o ba bitsa ha ba na ho arabela.


Modimo a tswela pele, a re ho nna: “Wena ngwana motho, mamela ka hloko, mme mantswe wohle a ka a kene pelong ya hao.


“Jwale wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele; ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang ho nna, o ba nee keletso ya ka.


Monna eo a re ho nna: “Wena ngwana motho, tadimisisa, o mamedisise, o ele hloko tsohle tseo ke tla o bontsha tsona, hobane o tlisitswe kwano hore ke tle ke o bontshe tsona. O tle o bolelle Baiseraele tsohle tseo o di bonang.”


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


O ne a ruta ka Tempeleng ka tsatsi le leng le le leng. Baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baetapele ba setjhaba ba ne ba batla ho mo timetsa,


Jesu a mo araba, a re: “Ke buile le lefatshe phatlalatsa; ke rutile ka matlung a thapelo le ka Tempeleng kamehla, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng, mme ha ke a ka ka bua letho lekunutung.


Kameso a boela a fihla ka Tempeleng. Setjhaba sohle sa tla ho yena, mme a dula, a se ruta.


Le a tseba kamoo ke sa kang ka le patela letho le molemo kateng, ha ke ntse ke bolela, mme ke ruta kapele ho setjhaba le malapeng a lona,


hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo.


Eaba e mong o fihla a re ho bona: “Helang! Banna bao le neng le ba kentse tjhankaneng, ba eme ka Tempeleng, ba ruta setjhaba.”


Ka tsatsi le leng le le leng ha ba a ka ba phetsa ho ruta le ho kgothatsa ka Jesu Kreste, ka Tempeleng, le ka malapeng ka bonngwe.


“Tsohle tseo ke le laelang tsona le hlokomele ho di phetha. Le se ke la eketsa letho, kapa la fokotsa letho ho tsona.”


Empa le tla batla sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha merabeng yohle ya lona, e leng sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla ba ho sona, a dule ho sona. Le ye sebakeng seo.


Le se ke la eketsa letho ho tseo ke le laelang tsona, kapa la fokotsa letho ho tsona, e le hore le tle le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona.


Ha ho lentswe le le leng la tsohle tseo Moshe a neng a di laele, leo Joshua a sa kang a le balla phutheho yohle ya Baiseraele, le basadi, le bana, le bajaki ba neng ba jakile hara bona.


Hape, haeba e mong a ka fokotsa ho hong mantsweng a boporofeta a bukeng ena, Modimo o tla mo amoha kabelo eo a nang le yona sefateng sa bophelo, le motseng o halalelang, e leng tse hlalositsweng bukeng ena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos