Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 26:3 - BIBELE

3 Mohlomong ba tla mamela, motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, ebe ke a hauha, ke thibela koduwa eo ke neng ke rerile ho ba dihela yona hodimo, ka baka la diketso tsa bona tse kgopo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ekaba ba tla utlwa, ba bake e mong le e mong mekgweng e mebe ya hae, ke tle ke be ke bakele bobe boo nna ke hopotseng ho ba hlahisetsa bona ka baka la bolotsana ba diketso tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 26:3
15 Referencias Cruzadas  

Yare ha Akabe a utlwa mantswe ana, a hahola diaparo tsa hae, a apara tse mahwashe, a itima dijo, a robala a ntse a apere tse mahwashe, a tsamaya a siame.


“Na o bona kamoo Akabe a ikokobeleditseng nna kateng? Kahobane a ikokobeleditse nna, koduwa ena e ke ke ya eba teng mehleng ya hae; ke tla e dihela hodima lelapa la Akabe mehleng ya mora wa hae.”


Ka baka lena, fetolang mekgwa ya lona, le diketso tsa lona, le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, mme Morena o tla hauha, a se ke a le tlisetsa koduwa eo a le reretseng yona.


“Na Hesekiya, kgosi ya Juda, le bohle ba morabe wa Juda, ba ne ba mmolaye? Na Hesekiya ha a a ka a tshaba Morena, a ithapella ho Morena? Na Morena ha a a ka a hauha, a se ke a ba tlisetsa koduwa eo a neng a ba reretse yona? Re lekgatheng la ho itlisetsa koduwa e tshabehang!”


Mohlomong ba morabe wa Juda ba tla utlwa dikoduwa tsohle tseo ke rerileng ho ba dihela tsona, mme motho ka mong a bake mekgweng ya hae e mebe, ebe ke ba tshwarela bokgopo ba bona le sebe sa bona.”


Mohlomong ba tla ithapella ho Morena, mme motho ka mong a kgutle tseleng ya hae e kgopo, hobane kgalefo eo Morena a halefetseng setjhaba sena ka yona e kgolo.”


“Ka baka leo, wena ngwana motho, moo ba ntseng ba o shebile, motsheare le itse nte! tlama thoto ya hao, o ye bothopuweng; o tsamaye, o tlohe mona moo o leng hona teng, o ye sebakeng se seng. Le hoja e le setjhaba sa bafetohedi, mohlomong ba tla imamela.


“Empa ha ya kgopo a furalla dibe tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a boloka melao ya ka yohle, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.


Nke ke ka phetha tsa kgalefo ya ka, nke ke ka timetsa Efraime hape, hoba nna ke Modimo, ha ke motho; ke Ya Halalelang ya dulang hara lona, ha nka ke ka tla ke halefile.


Mohlomong Morena a ka nna a hauha, a boela a le hlohonolofatsa, a le fa dijo le dino tsa ho nyehella Morena, Morena Modimo wa lona.


Yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela, oho, Morena, na see hase seo ke ileng ka se bolela ke sa le haeso? Ke ka lebaka leo ke ileng ka itlhahanela ho balehela Tarashishe. Ke tsebile hore o Modimo ya mosa, ya nang le kutlwelobohloko; o dieha ho halefa, o tletse mohau, o dieha ho otla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos