Mattheu 17:5 - BIBELE Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.” Sesotho 1909/1961 (SO) A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng! Baasraak Sotho NT A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng. |
Ha modumo wa lenaka o eketseha, o utlwahala haholo, Moshe a bua, mme Modimo a mo arabela ka lentswe le kang letolo.
“Bonang, Mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, ke eo, mokgethwa wa ka ya nkgahlang; ke theoletse Moya wa ka, ka o theolela hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.
Ho kgahlile Morena ka baka la ho loka ha hae, hore Molao wa hae o be moholo, o tlotlehe.
“Bonang, mohlanka wa ka eo, ke mo kgethileng ke eo, moratuwa wa ka ya nkgahlang! Ke theoletse Moya wa ka hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.
ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”
Leru la hlaha, la ba kgurumetsa, mme lentswe le tswang lerung la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, mo mameleng.”
mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se kang sa leeba; lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”
“Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
le Ntate ya nthomileng o mpaketse. Ha le eso ka le utlwa lentswe la hae, leha e le ho bona hore na o jwang,
Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.
Ke yena Moshe enwa ya itseng ho bana ba Iseraele: ‘Hara bana babo lona, Modimo o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna.’
e le hore re rorise mohau o tlotlehang wa hae, oo a re hauhetseng ka wona, ka Mora wa hae ya ratwang.
Morena Modimo wa hao, o tla hlahisa Moporofeta ya kang nna hara bana babo lona; le tle le mo mamele.
Motho ya sa tlo mamela mantswe a ka, ao Moporofeta eo a tla a bua ka lebitso la ka, o tla ikarabella ho nna.
“Tsena ke dipolelo tseo Morena a ileng a di bolella setjhaba sohle sa lona, a le hodima thaba, kahara mollo, le kahara leru, le kahara lefifi la bokantjana, a bua ka lentswe le matla. Yaba o kgaotsa ho bua, o di ngola hodima matlapa a mabedi, o nnea tsona.”
Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang,
Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!
Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, hodima lona ho dutse ya kang Mora Motho, hloohong a rwetse mofapahlooho wa kgauta, letsohong a tshwere sekele e bohale.