Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 1:11 - BIBELE

11 mme lentswe le tswang mahodimong la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme lentswe le tswang mahodimong la utlwahala, la re: Ke wena Mora wa ka, ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Jwale lentswe le tswang lehodimong la re: “O Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Jwale lentswe le tswang lehodimong la re: “O Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 1:11
19 Referencias Cruzadas  

Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna: ‘O mora wa ka; kajeno ke o tswetse.


“Bonang, Mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, ke eo, mokgethwa wa ka ya nkgahlang; ke theoletse Moya wa ka, ka o theolela hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.


“Bonang, mohlanka wa ka eo, ke mo kgethileng ke eo, moratuwa wa ka ya nkgahlang! Ke theoletse Moya wa ka hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.


Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”


ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”


Hanghang ha a etswa metsing a bona mahodimo a buleha, le Moya o theohela hodima hae e ka leeba,


Leru la hlaha, la ba kgurumetsa, mme lentswe le tswang lerung la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, mo mameleng.”


mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se kang sa leeba; lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”


Lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo kgethileng; mo mameleng!”


Ke bone, mme ke a paka hore ke yena Mora wa Modimo.”


“Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


le Ntate ya nthomileng o mpaketse. Ha le eso ka le utlwa lentswe la hae, leha e le ho bona hore na o jwang,


rona re dumetse, mme re tsebile hore o Ya Halalelang wa Modimo.”


athe ho ya ka Moya wa kgalalelo ho ile ha bolelwa, ka tsoho ya hae bafung, hore ke Mora ya matla wa Modimo, Jesu Kreste, Morena wa rona.


O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos