Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 19:19 - BIBELE

19 Ha modumo wa lenaka o eketseha, o utlwahala haholo, Moshe a bua, mme Modimo a mo arabela ka lentswe le kang letolo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Eitse ha modumo wa terompeta o ntse o kokomoha ka ho fetisisa, Moshe a bua, mme Modimo wa mo arabela ka lentswe le matla.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:19
9 Referencias Cruzadas  

Wa ba wa theohela hodima Thaba Sinai, wa bua le bona o theoha lehodimong; wa ba nea kahlolo tse lokileng le melao ya nnete, temoso tse lokileng le tsona ditaelo.


“Ke tlositse mojaro mahetleng a hao, matsoho a hao a nyahladitse seroto;


Ho se be motho ya mo amang ka letsoho: a tlepetswe ka majwe, kapa a hlajwe ka metsu, a shwe; leha e ka ba motho, kapa phoofolo, a se ke a phela. E tle ere ha ho letswa lenaka batho ba nyolohele thabeng.’ ”


Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.


Ke bua le yena re tadimane, Ke bua ka puo e hlakileng, e seng ka dilotho, yena o bona sebopeho sa ka. Ke ka baka lang ha le sa tshabe ho bua, le sa tshabe ho bua Moshe, mohlanka wa ka, hampe?”


O ile a etsa hore le utlwe lentswe la hae le etswa lehodimong, ho le ruta. Mona lefatsheng o ile a le bontsha mollo wa hae o moholo, mme le ile la utlwa dipolelo tsa hae di etswa kahara mollo.


“Tsena ke dipolelo tseo Morena a ileng a di bolella setjhaba sohle sa lona, a le hodima thaba, kahara mollo, le kahara leru, le kahara lefifi la bokantjana, a bua ka lentswe le matla. Yaba o kgaotsa ho bua, o di ngola hodima matlapa a mabedi, o nnea tsona.”


moo ho llang terompeta, ho utlwahalang le lentswe la ya buang. Ba neng ba le utlwa ba ile ba ikopela hore le mpe le kgaotse.


Pono eo e ne e tshabeha hoo Moshe a ileng a re: “Ke tshohile, ke a thothomela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos