Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 1:9 - BIBELE

9 Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yare hobane a bolele taba tseo, a nyoloswa ba ntse ba mo tadimile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Eitse hobane a bolele taba tseo, ba ntse ba tadimile, a nkelwa hodimo; mme leru la mo tlosa mahlong a bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Eitse hobane a bolele taba tseo, ba ntse ba tadimile, a nkelwa hodimo; mme leru la mo tlosa mahlong a bona.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 1:9
17 Referencias Cruzadas  

Kariki tsa Modimo tsa ntwa ke kete tsa dikete, ka tsona Morena o tlile Sehalalelong, o tlile Sehalalelong sa hae a etswa Sinai.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Bona, ke tla ho wena ke le kahara leru le letsho, e le hore batho ba tle ba nkutlwe ha ke bua le wena, mme ba tle ba o kgolwe kamehla.” Moshe a bolella Morena mantswe ao setjhaba se a buileng.


Morena a theoha a le kahara leru, a ema le Moshe hona moo, mme Moshe a bitsa lebitso la Morena.


Bona ke boporofeta malebana le Egepeta: Bonang Morena o tla Egepeta, o tla a kaletse leru le potlakileng, medimo ya bohata ya Egepeta e thothomela pela hae, Baegepeta le bona ba tlalwa ke tshabo.


“Ponong ya ka ya bosiu ka bona e mong ya kang Mora Motho, a etla a le hodima maru, a etla ho Moholo wa Matsatsi, mme ba mo atametsa kapele ho yena.


Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.


Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le lerung, ka matla le ka tlotla e kgolo.


Jwale ho tla ba jwang ha le bona Mora Motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?


Yaba ba re: “Banna ba Galelea, le emetseng le shebile lehodimong? Jesu enwa ya nyolletsweng lehodimong, a tloha hara lona, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo le mmoneng a nyolohela lehodimong ka wona.”


ho fihlela ka letsatsi leo a neng a nyollelwe lehodimong ka lona, kamora hoba, ka matla a Moya o Halalelang, a laele baapostola bao a neng a ba kgethe.


Jwale rona ba tla beng ba ntse ba phela re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme ka mokgwa o jwalo re tla ba le Morena kamehla.


Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo: “Kreste o ile a hlaha e le motho, a pakwa ke Moya hore o lokile, mme a bonwa ke mangeloi. A phatlalatswa hara baditjhaba, a dumelwa ke lefatshe lohle, mme a nkelwa tlotleng.”


Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!


Baporofeta bao ba utlwa lentswe le phahameng, le tswang lehodimong, le re ho bona: “Nyolohelang kwano!” Yaba ba nyolohela lehodimong ka leru, dira tsa bona di ntse di ba tadimile.


Bana ke bao esaleng ba hlwekile, ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bana ba lopolotswe hara batho, ho ba nyehelo ya pele ho Modimo le ho Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios