Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 17:6 - BIBELE

6 Ha barutuwa ba utlwa hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba tshohile haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Barutuwa ha ba utlwa lentswe, ba wa ka difahleho tsa bona, ba tshohile haholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Yare ha barutuwa ba utlwa hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, mme ba tshoha haholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Yare ha barutuwa ba utlwa hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, mme ba tshoha haholo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 17:6
14 Referencias Cruzadas  

Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.


Yaba ke a ema, ke ya phuleng. Ka bona tlotla ya Morena e eme moo, e tshwana le eo ke ileng ka e bona ha ke le pela noka ya Kebare. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.


Pono eo ke neng ke e bona e ne e ka eo ke neng ke e bone ha Morena a ne a tlilo ripitla motse; le teng e tshwana le dipono tseo ke neng ke di bone lebopong la noka ya Kebare. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.


Yaba o atamela moo ke emeng teng. Ha a fihla ka tshoha haholo, ka itihela fatshe ka sefahleho. Empa yena a re ho nna: “Utlwisisa, wena ngwana motho, hore pono ena e supa mehla ya bofelo.”


Mollo wa tswa ho Morena, wa tjhesa nyehelo ya setjheso, le mafura a hodima aletare. Ha setjhaba sohle se bona hona, sa howa ka thabo, mme sa itihela fatshe ka difahleho.


Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”


Jesu a tla ho bona, a ba ama, a re: “Emang, se tshabeng!”


Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: ‘Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?’


Yare hoba bohle re wele fatshe, ka utlwa lentswe le re ho nna, ka Seheberu: ‘Saule! Saule! O ntlhorisetsang na? Ho thata ho wena ho raha ditsenene!’


Lentswe lena ra na ra le utlwa le etswa lehodimong, re ena le yena thabeng e halalelang.


lelakabe la tlola hodima aletare, la nyolohela lehodimong, lengeloi la Morena la nyoloha le le kahara lelakabe leo le tswang aletareng. Bo-Manowa le mosadi wa hae ba bona hona, mme ba itihela fatshe ka difahleho.


Manowa a re ho mosadi wa hae: “Ruri re tla shwa, hobane re bone Modimo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos