La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 16:20 - BIBELE

Yaba o laya barutuwa ba hae hore ba se ke ba bolella motho hore ke yena Kreste.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Jwale, a laya barutuwa ba hae, a re, ba se ke ba bolella motho hore ke yena Kreste.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Yaba o laela barutuwa ba hae hore ba se ke ba bolella motho hore ke yena Jesu Kreste.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yaba o laela barutuwa ba hae hore ba se ke ba bolella motho hore ke yena Jesu Kreste.

Ver Capítulo



Mattheu 16:20
16 Referencias Cruzadas  

Jakobo a tswala Josefa, mohatsa Maria, mosadi ya ileng a tswala Jesu ya bitswang Kreste.


Simone Petrose a araba, a re: “O Kreste, Mora wa Modimo ya phelang.”


Yare ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya, a re: “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mora Motho a se a tsositswe bafung.”


Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”


A ba laya hore ba se ke ba bolella motho ka yena.


Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya hore ba se ke ba phetela motho tseo ba di boneng, haese ha Mora Motho a se a tsohile bafung.


Kajeno, motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena.


A ba laya, mme a ba laela ho se bolelle motho hona,


Ha lentswe leo le utlwahala, Jesu a fumanwa a se a le mong. Bona ba kgutsa, mme matsatsing ao ba se ke ba tsebisa motho letho la tseo ba di boneng.


Andrease a qala ka ho batla ngwanabo, Simone, a re ho yena: “Re fumane Mesia,” ke ho re: Kreste.


Filipi a fumana Nathanaele, mme a re ho yena: “Re fumane eo Moshe a ngotseng ka yena Molaong, le baporofeta ba ngotseng ka yena, e leng Jesu, mora Josefa wa Nasaretha.”


A re ho yena: “E, Morena; ke a dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.”


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.


“Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebisise hore Jesu enwa, eo lona le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Mesia.”


Ya leshano ke ofe, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena Sera sa Kreste.


Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae.