Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 16:19 - BIBELE

19 Ke tla o nea dinotlolo tsa Mmuso wa lehodimo; seo o se tlamang lefatsheng se tla tlangwa lehodimong, mme seo o se lokollang lefatsheng se tla lokollwa lehodimong.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo: hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo, mme seo o tla se tlama lefatsheng, se tla tlangwa lehodimong;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo, mme seo o tla se tlama lefatsheng, se tla tlangwa lehodimong;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 16:19
14 Referencias Cruzadas  

Ke tla mo nea dinotlolo tsa ntlo ya Davida; ha a butse ha ho ya tla kwala, ha a kwetse ha ho ya tla bula.


“Ruri ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng di tla tlangwa lehodimong, mme tsohle tseo le di lokollang lefatsheng di tla lokollwa lehodimong.


Bao le ba tshwarelang dibe, ba di tshwaretswe; bao le ba ballang tsona, ba di baletswe.”


Kamora kgang e kgolo, Petrose a ema, a re ho bona: “Bana beso, le a tseba hore e se e le nako Modimo a nkgethile hara lona hore ka molomo wa ka baditjhaba ba utlwe lentswe la molaetsa o molemo, mme ba dumele.


Jwale eo le mo tshwarelang, le nna ke a mo tshwarela. Haeba ho na le seo ke se tshwaretseng, ke ka baka la lona, mahlong a Kreste, ke tshwaretseng ya se entseng;


Ka baka leo, ya hanang ditaelo tsena ha a hane motho, empa o hana Modimo, yena ya le neang Moya wa hae o Halalelang.


ke nna ya phelang. Ke ne ke shwele, empa ke nna enwa ke phela kamehla le mehla. Ke tshwere dinotlolo tsa lefu le tsa Nqalo ya Bafu.


Dipaki tsena di na le matla a ho kwala lehodimo, e le hore pula e se ke ya na nakong ya ha di ntse di porofeta. Hape di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka kotlo efe kapa efe, neng kapa neng ha di rata.


“Ngolla moruti wa kereke e Filadelfia, o re: “Tsena di bolelwa ke Ya Halalelang, ya nang le nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ha a butse, ha ho ya tla kwala, ha a kwetse, ha ho ya tla bula;


Jwale lengeloi la bohlano la letsa terompeta, mme ka bona naledi e nngwe e weleng lehodimong, e wetse lefatsheng. Naledi eo ya newa senotlolo sa mohohlo o se nang pheletso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos