Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 16:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo: hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ke tla o nea dinotlolo tsa Mmuso wa lehodimo; seo o se tlamang lefatsheng se tla tlangwa lehodimong, mme seo o se lokollang lefatsheng se tla lokollwa lehodimong.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo, mme seo o tla se tlama lefatsheng, se tla tlangwa lehodimong;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo, mme seo o tla se tlama lefatsheng, se tla tlangwa lehodimong;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 16:19
14 Referencias Cruzadas  

Ke tla bea senotlolo sa ntlo ya Davida lehetleng la hae; o tla bula, mme ha ho ya tla kwala; o tla kwala, mme ha ho ya tla bula.


Kannete ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng, di tla tlangwa lehodimong; le tsohle tseo le di lokollang lefatsheng, di tla lokollwa lehodimong.


Bao le tla ba tshwarela dibe, ba tla tshwarelwa tsona; bao le tla ba balla dibe, ba tla ballwa tsona.


Eitse hobane ba fetolane haholo, Petrose a ema, a re ho bona: Banna ba heso, le a tseba hobane e se e le kgale Modimo o nkgethile hara rona, hore ditjhaba di utlwe lentswe la Evangeli ka molomo wa ka, mme di dumele.


Eo le mo rekolohelang le nna ke a mo rekolohela; hobane le nna ha ke leballa motho molato, ke mo leballa wona ka baka la lona, mahlong a Kreste;


Ka baka leo, ya nyatsang tseo, ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, o kentseng le Moya wa wona o Halaleleng ka ho lona.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


Di na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na ka matsatsi ao di porofetang ka wona; hape, di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka dikotsi tsohle, nakong tsohle tseo di ka ratang ho etsa jwalo.


Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:


Lengeloi la bohlano la letsa terompeta ya lona, mme ka bona naledi e tswang lehodimong e wetseng lefatsheng; ya newa senotlolo sa sekoti sa dihele,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos