Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 9:9 - BIBELE

9 Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya hore ba se ke ba phetela motho tseo ba di boneng, haese ha Mora Motho a se a tsohile bafung.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Eitse ha ba theoha thabeng, a ba laya hore ba se ke ba bolella motho seo ba se boneng, haese mohla Mora motho a seng a tsohile bafung.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Eitse ha ba theoha thabeng, a ba laela hore ba se ke ba bolella motho tseo ba di boneng, ho fihlela Mora motho a tsohile bafung.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Eitse ha ba theoha thabeng, a ba laela hore ba se ke ba bolella motho tseo ba di boneng, ho fihlela Mora motho a tsohile bafung.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 9:9
15 Referencias Cruzadas  

A ke ke a nganga, leha e le ho peroha, lentswe la hae le ke ke la utlwahala diterateng.


Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.


ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: ‘Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo.’


Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”


A ba laya ka thata hore ho se be motho ya tsebang hona, yaba o re ba fe ngwanana seo a ka se jang.


Jesu a ba laya ho se bolelle motho, empa leha a ba laile, ba tswela pele ho phatlalatsa taba eo.


Ba mamela taelo eo, ba ntse ba ipotsa hore na ho tsoha bafung ke ho reng.


Hanghang ha ba qamaka, ba se ke ba bona motho ya nang le bona haese Jesu feela.


A re ho bona: “Ho ngotswe jwalo hore eka kgona Kreste a hlokofatswe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro,


Ha lentswe leo le utlwahala, Jesu a fumanwa a se a le mong. Bona ba kgutsa, mme matsatsing ao ba se ke ba tsebisa motho letho la tseo ba di boneng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos