Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 17:9 - BIBELE

9 Yare ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya, a re: “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mora Motho a se a tsositswe bafung.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yare ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Pono eo le se ke la e bolella motho, Mora motho a eso ho tsohe bafung.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Eitse ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Le se ke la bolella motho pono eo, Mora Motho a eso ho tsohe bafung.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Eitse ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Le se ke la bolella motho pono eo, Mora Motho a eso ho tsohe bafung.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 17:9
16 Referencias Cruzadas  

a ba laya hore ba se ke ba etsa hore a tsejwe;


Empa nna ke re ho lona: Elia o se a ile a tla, mme ha ba a ka ba mo tseba, empa ba ile ba mo etsa kamoo ba ratang kateng; ka mokgwa o jwalo Mora Motho le yena o tla hlokofatswa ke bona.”


A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.


Ha ba ntse ba tsamaya hammoho Galelea, Jesu a re ho bona: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho,


mme ba tla mmolaya, empa o tla tsoha bafung ka tsatsi la boraro.” Yaba ba swaba haholo.


Yare ha ba phahamisa mahlo a bona ba se ke ba bona motho haese Jesu feela.


Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”


Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”


A ba laya hore ba se ke ba bolella motho ka yena.


Batswadi ba hae ba hlollwa; a mpa a ba laya ho se bolelle motho se etsahetseng.


Ha lentswe leo le utlwahala, Jesu a fumanwa a se a le mong. Bona ba kgutsa, mme matsatsing ao ba se ke ba tsebisa motho letho la tseo ba di boneng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos