La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 15:29 - BIBELE

Hoba Jesu a tlohe sebakeng seo, a nka tsela e tsamayang pela letsha la Galelea, a nyolohela thabeng, a dula teng.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Jesu a tloha teng, a atamela lewatle la Galelea, mme eitse hobane a nyolohele thabeng, a dula teng.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Jesu a tloha teng, a tla pela lewatle la Galelea; a nyolohela thabeng, a dula teng.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Jesu a tloha teng, a tla pela lewatle la Galelea; a nyolohela thabeng, a dula teng.

Ver Capítulo



Mattheu 15:29
12 Referencias Cruzadas  

Ha ho sa tla ba le lefifi ho ba neng ba le maswabing. Naha ya ba morabe wa Sebulone le ya ba morabe wa Nafthali e ile ya kokobetswa, empa ka nako e tlang, Morena o tla tlotla Galelea ya baditjhaba, e leng karolo e pela lewatle, e ikgohlileng ka Jorodane.


Matshweletshwele a mo kgobokanela, hoo a bileng a kena ka sekepeng; a dula teng, letshwele lohle le le lebopong.


Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.


Yare ha Jesu a bona matshwele, a nyolohela thabeng, mme hoba a dule, barutuwa ba hae ba tla ho yena;


Yare ha a sika le letsha la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo Simone, ba akgela letlowa la bona lewatleng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.


Eitse ha letshwele le patisitse Jesu ho mamela lentswe la Modimo, a eme lebopong la letsha la Genesareta,


Kamora ditaba tsena Jesu a iponahatsa hape ho barutuwa a le lebopong la letsha la Tiberiase. A iponahatsa ka mokgwa ona:


Kamorao ho tsena Jesu a tshela letsha la Galelea, ke ho re la Tiberiase.


Ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le sebaka seo ba neng ba jelle bohobe ho sona, hoba Morena a etse thapelo ya teboho.


E busa le Araba, ho ya fihla lewatleng la Kinerete ka botjhabela, le ho ya fihla lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai; e busa le ka botjhabela, tseleng e yang Bete-Jeshimote, ka borwa, tlasa matswapo a Pisega.