Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:1 - BIBELE

1 Eitse ha letshwele le patisitse Jesu ho mamela lentswe la Modimo, a eme lebopong la letsha la Genesareta,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka tsatsi le leng, bongata bo ne bo mo hatella ho utlwa lentswe la Modimo; o ne a eme lebopong la letsha la Genesarethe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Yare ha bongata bo ntse bo mo poteleditse ho utlwa lentswe la Modimo, a ema lebopong la letsha la Genesaretha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Yare ha bongata bo ntse bo mo poteleditse ho utlwa lentswe la Modimo, a ema lebopong la letsha la Genesaretha.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:1
21 Referencias Cruzadas  

Moedi o tla theosa ho tloha Shefame ho ya fihla Ribela, ka botjhabela ho Aine; ebe o theosa o ikgohlile ka lebopo le ka botjhabela la letsha la Kinerete.


Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi ho fihlela jwale, Mmuso wa mahodimo o nnile wa futuhelwa ka matla, mme ba dikgoka ba a o hapa.


Yare ha ba se ba tsheletse mose, ba fihla lebopong la Genesareta.


Ka baka la letshwele a laela barutuwa ba hae hore sekepe se be haufi le yena, esere mohlomong la mo petetsa,


Jesu a boela a qala ho ruta a le pela letsha. Letshwelehadi la mmokanela hoo a bileng a kena ka sekepeng se letsheng, a dula teng, letshwele lohle le le lebopong la letsha.


Yaba Jesu o ya le yena. A latelwa ke letshwelehadi, le neng le penyane ho yena.


Hoba ba tshele, ba fihla lebopong la Genesareta, mme ba emisa teng.


Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi.


a bona dikepe tse pedi di eme lebopong la letsha, batshwasi ba ditlhapi ba tswile ka ho tsona ba hlatswa matlowa a bona.


Ka le leng la matsatsi ao, a kena ka sekepeng le barutuwa ba hae, mme a re ho bona: “A re tsheleleng kamose wane ho letsha!” Yaba ba a tshela.


Ha ba ntse ba tshela, a kgaleha. Sefefo sa theohela letsheng, sekepe sa qala ho tlala metsi, mme ba ba kotsing.


Bademona ba tswa monneng eo ba kena ka dikolobeng, mme mohlape wa tsubella selomong, wa itihela letsheng, wa kgangwa ke metsi.


Jesu a re: “Ya nkamileng ke mang?” Yare ha ba latola bohle, Petrose a re: “Monghadi, matshwele a penyane hodima hao, mme a a o patisa.”


Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi ba utlwileng Johanne, ba latetseng Jesu.


Kamorao ho tsena Jesu a tshela letsha la Galelea, ke ho re la Tiberiase.


Ka ba abela le phula, le Jorodane, mmoho le naha e mathokong a yona, ho tloha Kinerete, ho ya fihla lewatleng le phuleng, e leng Lewatle la Letswai, tlasa mosiko wa Pisega, ka botjhabela.”


Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona.


E busa le Araba, ho ya fihla lewatleng la Kinerete ka botjhabela, le ho ya fihla lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai; e busa le ka botjhabela, tseleng e yang Bete-Jeshimote, ka borwa, tlasa matswapo a Pisega.


le ka kgohlong ya Bete-Harame, le Bete-Nimera, le Sukote, le Safone, le karolo e setseng ya naha ya Sihone, kgosi ya Heshebone; le lebopo la Jorodane e le moedi o ilo fihla lebopong la lewatle la Kinerete, ka botjhabela ho Jorodane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos