Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 4:18 - BIBELE

18 Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Jesu, ha a sika le lewatle la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho a le mong, e le Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 4:18
23 Referencias Cruzadas  

Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.


Tloo he, jwale, ke tla o roma ho Faro, mme wena o ntshe setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.”


Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema lebopong la lewatle ho tloha Ene-Gedi ho ya fihla Ene-Egelaime. Ho tla ba le moo ba anehang matlowa teng. Ditlhapi tsa teng e tla ba tsa mefuta yohle, tse tshwanang le tsa Lewatle le Leholo.


Moedi o tla theosa ho tloha Shefame ho ya fihla Ribela, ka botjhabela ho Aine; ebe o theosa o ikgohlile ka lebopo le ka botjhabela la letsha la Kinerete.


Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ke ana: wa pele ke Simone ya bitswang Petrose, le Andrease ngwanabo, le Jakobo mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le


Hoba Jesu a tlohe sebakeng seo, a nka tsela e tsamayang pela letsha la Galelea, a nyolohela thabeng, a dula teng.


Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.


A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.”


Jesu ha a kgutla sebakeng sa Tire, a boela a ya letsheng la Galelea ka tsela ya Sidone, ka ho haola naha ya Dekapolese.


ke Simone, eo a mo reileng lebitso la Petrose, le Andrease ngwanabo, le Jakobo, le Johanne, le Filipi, le Baretholome,


Kamora ditaba tsena Jesu a iponahatsa hape ho barutuwa a le lebopong la letsha la Tiberiase. A iponahatsa ka mokgwa ona:


Kamorao ho tsena Jesu a tshela letsha la Galelea, ke ho re la Tiberiase.


E mong wa barutuwa ba hae, Andrease, ngwanabo Simone Petrose, a re ho yena:


Ka ba abela le phula, le Jorodane, mmoho le naha e mathokong a yona, ho tloha Kinerete, ho ya fihla lewatleng le phuleng, e leng Lewatle la Letswai, tlasa mosiko wa Pisega, ka botjhabela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos