Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 4:19 - BIBELE

19 A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa ba tshwasang batho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 4:19
17 Referencias Cruzadas  

Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele.


Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”


Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.


Hanghang ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.


Jesu a re ho yena: “Ntatele, lesa bafu ba pate bafu ba bona.”


Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!” Matheu a ema, mme a mo latela.


Yare ha a feta a bona Levi, mora wa Alefiose, a dutse tlung ya lekgetho, mme a re ho yena: “Ntatele!” A ema, mme a mo latela.


Kamora tsena Jesu a tswa, mme a bona molekgetho ya bitswang Levi a dutse tlung ya lekgetho, a re ho yena: “Ntatele!”


A re ho e mong: “Ntatele!” Empa eo a re: “Morena, ako ntumelle ke yo pata ntate pele.”


Ka la hosasane Jesu a rera ho ya Galelea, mme a fumana Filipi. A re ho yena: “Ntatele!”


Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.”


Jesu a re ho yena: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng? Wena, ntatele!”


Leha ho ka ba jwalo, ha ke a le imetsa ka letho. Empa motho a ka re, kaha ke le masene, ke le qhekeletse ka mano.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos