Mattheu 14:19 - BIBELE Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane a laele bongata ho dula hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba a abela bongata. Baasraak Sotho NT Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha, a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba abela matshwele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha, a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba abela matshwele. |
A nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha bohobe, a bo nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le ditlhapi tse pedi a di arolela bohle.
A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”
E ne e le banna ba ka ba bang kete tse hlano. A re ho barutuwa ba hae: “Ba dudiseng ka dihlopha tsa ba ka bang mashome a mahlano se le seng.”
Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele.
Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile.
Ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le sebaka seo ba neng ba jelle bohobe ho sona, hoba Morena a etse thapelo ya teboho.
Ya hlomphang letsatsi le itseng o le hlomphela Morena; ya jang tsohle o di jela Morena, hobane o leboha Modimo. Ya sa jeng tsohle ha a di jele Morena, mme le yena e leboha Modimo.
Na senwelo se hlohonolofaditsweng, seo re se lebohang, hase se re abelang madi a Kreste na? Le bohobe boo re bo ngwathang, na hase mokgwa wa ho abelwa mmele wa Kreste na?
Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.
a leboha, a bo ngwatha, a re: “Hona ke mmele wa ka, o fanwang ka baka la lona. Etsang hona ho nkgopola.”
Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.
Hanghang ha le fihla ka motseng le tla se fumana se eso nyolohele leralleng ho ya ja. Setjhaba se ke ke sa ja dijo senohe se eso fihle, hobane se lokela ho hlohonolofatsa sehlabelo, mme kamorao ho moo ba memilweng ba tla ja. Ka baka leo, nyolohang hona jwale, mme le tla se fumana.”