Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 24:30 - BIBELE

30 Eitse ha a le dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

30 Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 24:30
14 Referencias Cruzadas  

Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele.


a nka dinkgwa tse supileng le ditlhatswana; a leboha Modimo, yaba o a ngwatha, o nea barutuwa ba hae, mme bona ba abela matshwele.


Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, mme a bo nea barutuwa ba hae, a re: “Nkang le je; hona ke mmele wa ka.”


Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, mme hoba a boke, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Nkang: hona ke mmele wa ka.”


A nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha bohobe, a bo nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le ditlhapi tse pedi a di arolela bohle.


Yaba o laela batho hore ba dule fatshe; a nka dinkgwa tse supileng, a leboha, a nto di ngwatha, a nea barutuwa ba hae hore ba ba abele, yaba ba abela letshwele.


A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”


Ba mo qophella, ba re: “Hlola le rona, hobane letsatsi le se le rapame, mme e se e tla ba mantsiboya.” Yaba o a kena, o hlola le bona.


Le bona ba pheta tse etsahetseng leetong la bona, le kamoo ba ileng ba mo tseba kateng, ha a ngwatha bohobe.


Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele.


Yaba Jesu o nka dinkgwa tseo, mme hoba a lebohe Modimo, a di abela ba dutseng fatshe, le ditlhapi jwalo, kamoo ba lakatsang kateng.


Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.


Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu.


Hoba a rialo, a nka bohobe, a boka Modimo pela bohle, a bo ngwatha, a qala ho ja.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos