Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:16 - BIBELE

16 Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Jesu o nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, hore ba a abele bongata.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Yaba o nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa hore ba di abele letshwele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Yaba o nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa hore ba di abele letshwele.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:16
16 Referencias Cruzadas  

Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele.


a nka dinkgwa tse supileng le ditlhatswana; a leboha Modimo, yaba o a ngwatha, o nea barutuwa ba hae, mme bona ba abela matshwele.


A lelalla lehodimong, a fehelwa, a re ho yena: “Efatha!” e leng ho re: “Thiboloha!”


A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”


Eitse ha a le dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


Ba etsa jwalo, ba ba dudisa bohle.


Bohle ba eja, ba kgora, mme ha bokellwa diroto tse leshome le metso e mmedi tsa makumane a setseng.


Yaba Jesu o nka dinkgwa tseo, mme hoba a lebohe Modimo, a di abela ba dutseng fatshe, le ditlhapi jwalo, kamoo ba lakatsang kateng.


Ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le sebaka seo ba neng ba jelle bohobe ho sona, hoba Morena a etse thapelo ya teboho.


Hoba a rialo, a nka bohobe, a boka Modimo pela bohle, a bo ngwatha, a qala ho ja.


Ya hlomphang letsatsi le itseng o le hlomphela Morena; ya jang tsohle o di jela Morena, hobane o leboha Modimo. Ya sa jeng tsohle ha a di jele Morena, mme le yena e leboha Modimo.


Ha ke leboha Modimo ka seo ke se jang, ho ya kang ha ke nyefolelwa ho leboha hoo?


a leboha, a bo ngwatha, a re: “Hona ke mmele wa ka, o fanwang ka baka la lona. Etsang hona ho nkgopola.”


Hanghang ha le fihla ka motseng le tla se fumana se eso nyolohele leralleng ho ya ja. Setjhaba se ke ke sa ja dijo senohe se eso fihle, hobane se lokela ho hlohonolofatsa sehlabelo, mme kamorao ho moo ba memilweng ba tla ja. Ka baka leo, nyolohang hona jwale, mme le tla se fumana.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos