Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 14:20 - BIBELE

20 Ba eja bohle, ba kgora; yaba ho bokellwa makumane a setseng, mme a tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Mme ba eja bohle, ba kgora, ha ba ha thonakwa dingwathwana tse setseng, tsa tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Ba eja bohle, ba kgora, mme ba nka dingwathwana tse setseng, tsa tlala diroto tse leshome le metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Ba eja bohle, ba kgora, mme ba nka dingwathwana tse setseng, tsa tlala diroto tse leshome le metso e mmedi.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 14:20
21 Referencias Cruzadas  

“Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele; bua le bona, o re: ‘Mantsiboya le tla ja nama, hoseng le tla ja bohobe, le kgore. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”


Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”


Ya lokileng o a ja, a ikgotsofatse, empa ya kgopo yena o ngongorehela dijo.


Ke tla le amoha dijo tsa lona, mme le tla apehelwa bohobe ka seboping se le seng ke basadi ba leshome. Ba tla le methela bohobe; le tla ja, empa le ke ke la kgora.


Le jetse haholo, empa la kotula hanyenyane; le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; le ya amohelang moputso, moputso oo ha o mo thuse ka letho.”


Ba jeleng e ne e le banna ba ka bang dikete tse hlano, ho sa balwe basadi le bana.


Barutuwa ba re ho yena: “Ekaba hara lefeella lee re ka fumana hokae bohobe bo lekaneng ho kgorisa letshwele le lekaale?”


Ho lehlohonolo ba lapetseng ho loka, ba ho nyoretsweng, hobane ba tla kgotsofatswa.


a kgorisa ba lapileng ka tse molemo, a kgutlisa ba ruileng ba se na letho,


Bohle ba eja, ba kgora, mme ha bokellwa diroto tse leshome le metso e mmedi tsa makumane a setseng.


Filipi a mo araba, a re: “Bohobe ba didenare tse makgolo a mabedi bo ke ke ba lekana hore e mong le e mong a fumane sengwathwana.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos