Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 7:34 - BIBELE

34 A lelalla lehodimong, a fehelwa, a re ho yena: “Efatha!” e leng ho re: “Thiboloha!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 A ntoo lelalla lehodimong, a fehelwa, a re: Efatha! ke ho re: Thiboloha!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 A lelala lehodimong, a fehelwa, a re ho yena: Efatha, ke ho re: Buleha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 A lelala lehodimong, a fehelwa, a re ho yena: Efatha, ke ho re: Buleha.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 7:34
21 Referencias Cruzadas  

Ha ho se ho fetile dilemo tse ngata, kgosi ya Egepeta ya eshwa. Bana ba Iseraele ba dumaduma ka baka la bokgoba ba bona, ba lla. Bokgobeng boo ba bona, sello sa bona sa nyolohela ho Modimo.


O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.


Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho, a mo ama, a re ho yena: “Ke a rata; hlweka!”


Yaba ka hora ya boraro Jesu o meketsa ka lentswe le phahameng, o re: “Eloi, Eloi, lema sabakthani?” e leng ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?”


Yaba o mo tshwara ka letsoho, o re ho yena: “Talitha, kumi!” e leng ho re: “Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha!”


A nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha bohobe, a bo nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le ditlhapi tse pedi a di arolela bohle.


Hanghang ditsebe tsa hae tsa thiboloha, leleme la hae la raroloha, mme a bua hantle.


Jesu a sisimoloha moyeng, a re: “Moloko ona o batlelang sesupo? Kannete ke a le bolella, moloko ona ha o ka ke wa newa sesupo!”


Jesu a re ho sona: “Boela o bone! Tumelo ya hao e o fodisitse.”


Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela,


Jesu a atamela, a ama lempara, mme ba jereng mofu ba ema. Yaba o re: “Mohlankana, ke re ho wena, tsoha!”


Jesu ha a bona Maria a ntse a lla, le Bajuda ba tlileng le yena ba ntse ba lla, a hlabeha moyeng, a ferekana,


Jesu a keleketla dikeledi.


Jwale Jesu a boela a hlabeha pelong, a ya lebitleng. E ne e le lehaha, mme le ne le kwetswe ka letlapa.


Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile.


Hoba a rialo, a howa ke lentswe le phahameng, a re: “Lasaro, tswa!”


Jesu a bua tsena, mme a lelaletsa mahlo lehodimong, a re: “Ntate, nako e fihlile; tlotlisa Mora wa hao, hore Mora a tle a o tlotlise,


Petrose a re ho yena: “Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha o alole diphate tsa hao.” A tsoha hanghang.


Hoba Petrose a ntshetse bohle kantle, a kgumama, a rapela; a ntano retelehela setopong, a re: “Tabitha, tsoha!” Tabitha a tutuboloha, mme ha a bona Petrose, a dula.


Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos