Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 9:13 - BIBELE

13 Hanghang ha le fihla ka motseng le tla se fumana se eso nyolohele leralleng ho ya ja. Setjhaba se ke ke sa ja dijo senohe se eso fihle, hobane se lokela ho hlohonolofatsa sehlabelo, mme kamorao ho moo ba memilweng ba tla ja. Ka baka leo, nyolohang hona jwale, mme le tla se fumana.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Etlare le sa kena motseng, le tla mo fihlela a eso ho nyolohele nqalong e phahameng ho ya ja teng; hobane le setjhaba se ke ke sa eja, a eso ho fihle, etswe e le yena ya tla hlohonolofatsa sehlabelo, ho ntoo jewa ke ba memilweng. Nyolohang jwale, hobane le tla mo fihlela ka nako ena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:13
12 Referencias Cruzadas  

Banna ba makgolo a mabedi ba tswang Jerusalema, ba neng ba memilwe, ba ikela tjee ba sa tsebe letho, ba tsamaya le Abosalome.


Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele.


Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, mme a bo nea barutuwa ba hae, a re: “Nkang le je; hona ke mmele wa ka.”


A nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha bohobe, a bo nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le ditlhapi tse pedi a di arolela bohle.


Eitse ha a le dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele.


Yaba Jesu o nka dinkgwa tseo, mme hoba a lebohe Modimo, a di abela ba dutseng fatshe, le ditlhapi jwalo, kamoo ba lakatsang kateng.


Ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le sebaka seo ba neng ba jelle bohobe ho sona, hoba Morena a etse thapelo ya teboho.


Ha ke leboha Modimo ka seo ke se jang, ho ya kang ha ke nyefolelwa ho leboha hoo?


Tsohle tseo Modimo a di hlodileng di ntle, mme ha ho letho la tsona le tshwanetseng ho lahlwa, empa eka kgona tsohle di amohelwe ka teboho,


Ke tla ikgethela moprista ya tshepahalang, ya tla etsa se ka pelong ya ka le ka moyeng wa ka. Ke tla tiisa lelapa la hae, mme le tla sebeletsa kapele ho motlotsuwa wa ka kamehla yohle.


Yaba ba nyolohela ka motseng. Ha ba kena hara motse ba bona Samuele a etla a lebile ho bona, a nyolohela leralleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos