Mattheu 11:25 - BIBELE Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana. Sesotho 1909/1961 (SO) Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane. Baasraak Sotho NT Ka nako eo Jesu a araba, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tseo o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka nako eo Jesu a araba, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tseo o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea. |
Empa Aborame a arabela kgosi ya Sodoma, a re: “Ke phahamisa letsoho, ke hlapanyetsa Morena, Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe;
A rapela Morena, a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.
Morena, monga rona, lebitso la hao le tlotleha hakaakang, le tlotleha lefatsheng lohle! Kganya ya hao, e kahodimo ho mahodimo,
Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?
Wena Modimo wa baholoholo ba heso, ke a o leboha, ke bile ke a o tlotla, wena ya nneileng bohlale le matla, wa ntshenolela seo re se kopileng ho wena, wa re senolela seo kgosi e se batlang.”
Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: ‘O etsang jwale?’
Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.
Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: ‘O itokiseditse thoko ka melomo ya bana le ya masea?’ ”
a re: “Ntate, ha o rata, ako tlose senwelo sena ho nna; feela ho etswe thato ya hao, e seng ya ka.”
Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.
Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile.
“Jwale moya wa ka o ferekane. Ke tla reng? Na ke tla re: ‘Ntate, o mpholose nakong ena?’ Empa ke ka lebaka lena ke fihletsweng ke nako ena.
Ntate, tlotlisa lebitso la hao!” Yaba ho tswa lentswe lehodimong, le re: “Ke le tlotlisitse, mme ke sa tla le tlotlisa hape.”
“Modimo ya entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, eo e leng Morena wa lehodimo le wa lefatshe, ha a dule ditempeleng tse hahilweng ka matsoho.
Rona Modimo o re senoletse tsona ka Moya wa hae, hobane Moya o Halalelang o fuputsa tsohle, esita le tse tebileng tsa Modimo.
Empa dikelello tsa bona di ne di thotofetse. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ba bala Testamente ya Kgale, lesira lane le ntse le ba siretse, ha le a tloswa; le fediswa ke Kreste feela.
Empa Samuele a sebeletsa Morena, ho tloha boshanyaneng ba hae. O ne a itlama ka setipe se entsweng ka lesela la lene.