Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:18 - BIBELE

18 Empa Samuele a sebeletsa Morena, ho tloha boshanyaneng ba hae. O ne a itlama ka setipe se entsweng ka lesela la lene.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova, a apere efoda ya lene.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:18
9 Referencias Cruzadas  

Davida a apara setipe se entsweng ka lesela la lene, a hobela ka matla a hae kaofela, a isa hlompho ho Morena.


Davida o ne a apere seaparo se setle, se entsweng ka lesela la lene, esita le Balevi bohle ba neng ba jere areka, le dibini, le Kenaniya, motsamaisi wa dibini. Davida o ne a bile a apere le setipe se entsweng ka motsitla.


Tsena ke diaparo tseo ba tla mo etsetsa tsona: mokgabiso wa sefuba, le setipe, le seaparo, le seaparo se fihlang maotong se lohilweng, le katiba, le leqhama. Ba tla etsetsa moholwane wa hao Arone le bara ba hae diaparo tse halalelang, tseo ba tla di apara ha ba ntshebeletsa e le baprista.


A apesa Arone seaparo se fihlang maotong, le setipe, a mo tlama ka leqhama. A mo apesa seaparo, a mo apesa le setipe, a mo tlama thekeng ka leqhama le tlamang setipe.


Ahiya, mora wa Ahitube, ngwanabo Ikabode, mora wa Finease ya tswalwang ke Eli, moprista wa Morena, wa Shilo, o ne a apere setipe. Banna ba ne ba sa tsebe hore Jonathane o se a tsamaile.


Elekana a kgutlela Rama, tlung ya hae, mme moshanyana a sala a sebeletsa Morena, kapele ho moprista Eli.


Na ha ke a ka ka kgetha ntatao hara merabe yohle ya Iseraele hore e be moprista wa ka, a nyolohele aletareng ya ka ho ya tjhesa mokubetso, le ho apara setipe kapele ho nna? Na ha ke a ka ka abela lelapa leno dinyehelo tsohle tsa setjheso tsa bana ba Iseraele?


Yaba kgosi ya bona e re ho Doege: “Tloo, o bolaye baprista bana.” Doege wa Moedomo a tla, a bolaya baprista bao. Ka letsatsi leo a bolaya banna ba mashome a robedi a metso e mehlano ba neng ba apere ditipe tse entsweng ka masela a lene.


Moshanyana, Samuele, a nna a sebeletsa Morena tlasa bookamedi ba Eli. Mehleng eo lentswe la Morena le ne le utluwa sewelo, le dipono di sa ata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos