Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova, a apere efoda ya lene.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Empa Samuele a sebeletsa Morena, ho tloha boshanyaneng ba hae. O ne a itlama ka setipe se entsweng ka lesela la lene.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:18
9 Referencias Cruzadas  

Haele Davida, o ne a hobela ka matla wohle a hae pela areka ya Jehova; mme Davida o ne a apere efoda ya lene.


Haele Davida, o ne a apere kobo ya lene e ntle, le bona Balevi bohle ba jereng areka, le dibini, le Kenania, motsamaisi wa diletsa hara dibini; Davida o ne a apere efoda ya lene.


Mokgajwana, le efoda, le kobo, le kojwana e homilweng le moqhwele, le senyepa. Ba etsetse Aarone moholwane wa hao, le bara ba hae diaparo tse kgethehileng, ba tle ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


a mo tlama ka senyepa, a mo apesa kobo, a mo apesa le efoda, eo a e tlamileng ka senyepa se homilweng se efoda eo a mo apesitseng yona.


Akia, mora Akitube, ngwanabo Ikabode, mora Finease, mora Eli, e ne e le moprista wa Jehova, Silo, a apere efoda. Mme setjhaba se ne se sa tsebe hobane Jonathane o ile.


Ebile Elkana o boela Rama tlung ya hae; ngwana yena a sala a sebeletsa Jehova pela moprista Eli.


ka ba ka mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, hore e be moprista wa ka, ya hlabang aletareng ya ka, le ho tjhesa dibano, le ho apara efoda pela ka; mme ka nea ntlo ya ntatao ditjheso tsohle tsa bana ba Iseraele na?


Ebile morena o re ho Doege: Ema wena, o bolaye baprista. Yaba Moedomo Doege o tsoha, a bolaya baprista, a timetsa ka lona tsatsi leo batho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano, ba apereng efoda ya lene.


Haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova pontsheng ho Eli. Mehleng eo, lentswe la Jehova le be le hlokeha, mme dipono di ne di sa ata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos