Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 16:17 - BIBELE

17 Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 16:17
25 Referencias Cruzadas  

“Bara ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena, ditloholo tsa hao di be le kgotso ya sebele.


empa ke o rapeletse hore o se ke wa fellwa ke tumelo. Jwale wena, ha o se o bakile, o matlafatse bana beno.”


A mo isa ho Jesu. Jesu a mo tadima, a re: “O Simone, mora Johanne; o tla bitswa Kefase,” ke ho re: Petrose.


Ho ngotswe ho Baporofeta, ho thwe: ‘Bohle ba tla rutwa ke Modimo.’ E mong le e mong ya utlwileng le ho ithuta ho Ntate o tla ho nna.


Bana beso, jwale ke re ho lona: Nama le madi di ke ke tsa eja lefa la Mmuso wa Modimo, le se bolang se ke ke sa eja lefa la se sa boleng.


ke ho ntshenolela Mora wa hae, hore ke tle ke bolele molaetsa o molemo wa hae hara baditjhaba, ka se ke ka batla keletso ho motho.


hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo;


Mehleng e fetileng Modimo ha a a ka a tsebisa batho sephiri seo, empa kajeno, ka Moya, o se senoletse baapostola le baporofeta ba hae ba halalelang.


Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.


Erekaha bana bao e le batho ba nama le madi ka ho tshwana le yena, o tshwana le bona ka nama le madi, e le hore ka lefu la hae a tle a ripitle ya nang le matla hodima lefu, e leng Diabolosi.


Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, nna ke le e mong wa bona, ke bile ke le paki ya mahloko a Kreste, ke ena le kabelo tlotleng ya hae e tlang ho bonahatswa.


Mang le mang ya pakang hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo, Modimo o phela ka ho yena, le yena o phela ka ho Modimo.


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos