Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 11:25 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Ka nako eo Jesu a araba, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tseo o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Ka nako eo Jesu a araba, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tseo o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 11:25
40 Referencias Cruzadas  

Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong.


Ba re ho yena: “Na o a utlwa seo bao ba se bolelang? Jesu a re ho bona: E; A ha le eso ho bale, Hotswa melomong ya bana le ba anyang, o phethile thoriso?


A re: Ntate, ha o rata, tlosa senwelo sena ho nna;


Jesu a re: Ntate, ba tshwarele; hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae, mme ba lahla lotho.


Joale ba tlosa lejoe moo mofu a neng a behiloe teng. Yaba Jesu o emisa mahlo a hae, a re: Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwe.


Jwale moya wa ka o tshwenyehile; mme ke tla reng? Ntate, mpholose nakong ena: empa ka lebaka lena ke tlile nakong ena.


Ntate, tlotlisa lebitso la hao. Yaba lentswe le tswa lehodimong, la re: Ke le tlotlisitse, mme ke tla boela ke le tlotlise.


Modimo ya entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, ka e le Morena wa lehodimo le wa lefatshe, ha o dule ditempeleng tse entsweng ka matsoho;


Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa hae, hobane Moya o batlisisa dintho tsohle, le tse tebileng tsa Modimo.


Empa dikelello tsa bona di ne di foufaditswe, hobane ho fihlela kajeno lona lesira leo le ntse le sa tlosoe ha ho balwa testamente ya kgale; lesira leo le tlositsweng ho Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos