Ha bo-kgosi Jehoyakime le bahale bohle ba hae, le mahosana wohle a hae, ba utlwa mantswe a Uriya, kgosi Jehoyakime a batla ho mmolaya, empa yare ha Uriya a utlwela a tshoha, yaba o balehela Egepeta.
Mattheu 10:23 - BIBELE Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle. Sesotho 1909/1961 (SO) Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele. Baasraak Sotho NT Empa ha ba le hlorisa motseng ona, le balehele ho o mong; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha ba le hlorisa motseng ona, le balehele ho o mong; |
Ha bo-kgosi Jehoyakime le bahale bohle ba hae, le mahosana wohle a hae, ba utlwa mantswe a Uriya, kgosi Jehoyakime a batla ho mmolaya, empa yare ha Uriya a utlwela a tshoha, yaba o balehela Egepeta.
Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.
Ruri ke a le bolella: Ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu ho fihlela ba bona Mora Motho a etla ka Mmuso wa hae.”
Hoba Ba Bohlale ba kgutle, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa torong, la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o hlole teng ho fihlela ke o bolella, hobane Heroda o makgatheng a ho batla ngwana hore a mmolaye.”
Ka baka leo, ke le romela baporofeta, bahlalefi le Ditsebi tsa Molao. Ba bang ba bona le tla ba bolaya, le ba thakgise, mme ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lona a thapelo, le ba phaladise le metse yohle;
hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.
“Jwale pontsho ya Mora Motho e tla hlaha lehodimong, merabe yohle ya lefatshe e tla ikotla difuba ka dillo, mme e tla bona Mora Motho a etla a le hodima maru a lehodimo, ka matla le ka tlotla e kgolo.
Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re: “Ho tloha jwale le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla a le hodima maru a lehodimo.”
Ke a le bolella hore o tla ba ahlolela kapelepele. Leha ho le jwalo, na Mora Motho ha a etla, o tla fumana tumelo lefatsheng?”
Kamorao ho tsena Jesu a tsamaya Galelea; o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.
Hanghang badumedi ba thobisetsa Paulosi le Silase Berea, bosiu. Hoba ba fihle teng, ba kena ka tlung ya thapelo ya Bajuda.
Yaba hanghang badumedi ba balehisetsa Paulosi lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala moo.
Ha moferefere o kgaoditse, Paulosi a bitsa barutuwa, a ba kgothatsa, a ba dumedisa, yaba o ya Masedonia.
Saule o ne a dumellana le polao ya Setefane. Ka tsatsi lona leo tlhoriso e kgolo ya hlahela kereke e Jerusalema, mme bohle, haese baapostola feela, ba qhalanela dinaheng tsa Judea le Samaria.