Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 26:21 - BIBELE

21 Ha bo-kgosi Jehoyakime le bahale bohle ba hae, le mahosana wohle a hae, ba utlwa mantswe a Uriya, kgosi Jehoyakime a batla ho mmolaya, empa yare ha Uriya a utlwela a tshoha, yaba o balehela Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Morena Jojakime le matona wohle a hae le baholo kaofela, ha ba utlwa dipolelo tsa hae, morena a batla ho mmolaya; empa Uria a utlwa, a tshaba, a baleha, a ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 26:21
15 Referencias Cruzadas  

Ka Modimo ya phelang, ha ho setjhaba kapa mmuso oo monga ka a sa kang a ya o batla ho wona; ere ha ba re: ‘Ha a yo,’ ebe o hlapantsha mmuso oo kapa setjhaba seo, hore ruri o fela o le siyo.


Asa a halefela moporofeta, a ba a mo kenya tjhankaneng. O ne a mo halefetse ka baka la polelo ena, mme ka yona nako eo Asa a phedisa batho ba bang ka thata.


Ka taelo ya kgosi ba mo rera, ba mmolaya, ba mo tlepetsa ka majwe a le lebaleng la Tempele ya Morena.


Bophelo ba ka bo kotsing kamehla, empa ha ke lebale Molao wa hao.


Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.


Ha mahosana a Juda a utlwa tsena, a nyoloha tlung ya kgosi, a ya Tempeleng ya Morena, a fihla a dula lebaleng la Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena.


Yaba kgosi e laela kgosana Jerahameele, le Seraya, mora wa Aseriele, le Shelemiya, mora wa Abedele, hore ba tshware Baruke, eo e neng e le mongodi, le moporofeta Jeremia, empa Morena a ba pata.


Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”


Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


Ya qenehelang bophelo ba hae bo tla mo senyehela, athe ya senyehelwang ke bophelo ka baka la ka o tla bo fumana.”


Heroda o ne a rata ho mmolaya, empa a tshaba batho, hobane ba ne ba tadima Johanne e le moporofeta.


Herodiase o ne a qophile Johanne, mme a rata ho mmolaya, a mpa a sitwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos