Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 26:20 - BIBELE

20 Ho ne ho ena le monna e mong ya neng a porofeta ka lebitso la Morena. E ne e le Uriya, mora wa Shemaya ya tswang Kiriate-Jearime. Le yena o ne a porofetela motse ona le naha ena timelo, mme a bua mantswe wohle a tshwanang le a Jeremia.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Le hona motho o ne a le teng ya porofetang ka lebitso la Jehova, e leng Uria, mora Shemaia, wa Kiryathe-Jearime; o ne a ntse a porofeta bakeng sa motse wona le sa fatshe lena, kahohle jwaloka mantswe a Jeremia.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 26:20
9 Referencias Cruzadas  

Ka Modimo ya phelang, ha ho setjhaba kapa mmuso oo monga ka a sa kang a ya o batla ho wona; ere ha ba re: ‘Ha a yo,’ ebe o hlapantsha mmuso oo kapa setjhaba seo, hore ruri o fela o le siyo.


Jehoyakime a etsa bobe mahlong a Morena, ka ho etsa tsohle tseo bo-ntataemoholo ba neng ba di etse.


“Ke otlile bara ba lona, empa thuso ha e yo; kgalemelo ya ka ba hanne ho e mamela; sabole tsa lona di jele baporofeta ba lona, tsa ba ja sa tau e harolakang.


Yaba mahosana a re ho Baruke: “Wena le Jeremia tsamayang le yo ipata, ho se be motho ya tsebang moo le leng teng!”


E be Kiriate-Baale, e leng Kiriate-Jearime, le Raba. Metse ena e ne e le mmedi, le metsana ya yona.


Moedi wa sehwa, wa pota lehlakoreng le ka bophirimela, wa leba borwa, ho tloha thabeng e tadimaneng le Bete-Horone ka borwa, wa ya fella Kiriate-Baale, e leng Kiriate-Jearime, motse wa bana ba Juda. Ena e ne e le karolo e ka bophirimela.


Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ka letsatsi la boraro ba fihla metseng ya setjhaba sena. Metse ya sona e ne e le Gibeone, le Kefira, le Beerote, le Kiriate-Jearime.


Ba romela maqosa ho baahi ba Kiriate-Jerime, ba re: “Bafilesita ba kgutlisitse areka ya Morena. Tloong, le tlo e lata.”


Ho tloha mohla areka e kgutlelang Kiriate-Jearime ya dula teng nako e telele, ka dilemo tse mashome a mabedi. Bohle ba ntlo ya Iseraele ba labalabela ho sebeletsa Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos