Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Empa ha ba le hlorisa motseng ona, le balehele ho o mong;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Empa ha ba le hlorisa motseng ona, le balehele ho o mong;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:23
29 Referencias Cruzadas  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


Eitse hobane ba tsamaye, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o dule teng, ke be ke o bolelle; o tla batla ngoana e monyenyane ho mo timetsa.


Ka baka leo, bonang, ke romela ho lona baporofeta, le ba bohlale, le Ditsebi tsa Molao; le tla otla ba bang masinagogeng a lona, le ba hlorise ho tloha motseng o mong ho ya ho o mong;


Kannete ke re ho lona: Tsohle tseo di tla hlahela moloko ona.


Hobane jwaloka lehadima le tswang botjhabela, mme le benyetsa bophirimela; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.


Ke moo pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong, mme meloko yohle ya lefatshe e tla lla, mme e tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo ka matla le kganya e kgolo.


Kannete ke re ho lona: Moloko ona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale.


Empa ha mohlanka eo e mobe a ka re pelong ya hae: Monga ka o diehile ho tla;


Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.


Jesu a re ho yena: O boletse;


Yare ha Jesu a utlwa hobane Johanne o kentswe teronkong, a tloha a ya Galelea;


Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka maru ka matla a maholo le kganya.


Ke a le bolella hore o tla phakisa a ba phetele. Leha ho le jwalo, mohla Mora motho a tlang, na o tla fumana tumelo lefatsheng?


Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka leru ka matla le kganya e kgolo.


Kamora tseo, Jesu a itsamaela Galelea, hobane o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.


Yaba baena ba phakisa ba romela Pauluse le Silase Berea bosiu;


Yaba baena ba phakisa ba romela Pauluse ho ya fihla lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala teng.


Eitse hobane moferefere o kokobele, Pauluse a bitsa barutuwa, a ba kopa, a ntoo tloha, a ya Masedonia.


Mme Saule o ne a dumellana le lefu la hae. Mehleng eo ha hloriswa haholo kereke e Jerusalema; mme ba qhalanngwa bohle dinaheng tsa Judea le Samaria, haese baapostola feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos