Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:27 - BIBELE

27 hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Hobane jwalokaha lehadima le hadima le etswa botjhabela, mme le benyetsa bophirimela, ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Hobane jwaloka lehadima le tswang botjhabela, mme le benyetsa bophirimela; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Hobane jwaloka lehadima le tswang botjhabela, mme le benyetsa bophirimela; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:27
18 Referencias Cruzadas  

O dumisa letolo tlasa mahodimo wohle, hadima la hae le yo fihla pheletsong tsa lefatshe.


Na ke wena ya ka laelang lehadima ho thwakgatsa? Na le ye le tle ho wena, le re: ‘Ke nna enwa?’


Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako.


Dibopuwa tsena di ne di takolotsa, di eya pele le morao jwaloka lehadima.


Ke moo Morena a tla hlaha, a ba okamele, motsu wa hae o tsekeme sa lehadima. Morena Modimo o tla letsa lenaka, a tsamaye kahara difefo tsa borwa.


Ebe ke mang ya ka tiisetsang tsa mohla letsatsi la ho tla ha hae? Hona ke mang ya ka emang a tiile ha a hlaha? Yena o jwaloka mollo wa sebopi kapa sesepa sa sehlatswi.


“Bonang, ke tla le romela moporofeta Elia, letsatsi la Morena le leholo, le tshabehang, le eso fihle.


Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.


Ruri ke a le bolella: Ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu ho fihlela ba bona Mora Motho a etla ka Mmuso wa hae.”


“Ka baka leo, haeba ba re ho lona: ‘Bonang, o teng feelleng!’ le se ke la ya teng; kapa: ‘Bonang, o phaposing!’ le se ke la ba la dumela,


Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?”


Jwaloka mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo ha Mora Motho a etla.


Ha ba a ka ba tseba ho fihlela morallo wa metsi o fihla, o ba hohola kaofela. Ho tla ha Mora Motho le hona ho tla ba jwalo.


Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”


Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”


Le lona le mamelle, le tiye dipelo, hobane ho kgutla ha Morena ho haufi.


ba re: “E kae tshepiso ya hore o tla kgutla? Haesale bo-ntata rona ba ithoballa, dintho tsohle di ntse di tshwana le mohla di hlolwang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos