Aborahama a itihela fatshe ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong: “Na monna ya dilemo di lekgolo a ka tswala ngwana? Kapa na Sara a ka hlola a eba le ngwana a le dilemo di mashome a robong?”
Luka 1:7 - BIBELE Feela ba ne ba se na ngwana, hobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba hodile. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, hape ba ne ba se ba hodile ba babedi. Baasraak Sotho NT Mme ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba tsofetse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba tsofetse. |
Aborahama a itihela fatshe ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong: “Na monna ya dilemo di lekgolo a ka tswala ngwana? Kapa na Sara a ka hlola a eba le ngwana a le dilemo di mashome a robong?”
Aborahama le Sara ba ne ba se ba hodile, ditshiu di ile, mme Sara o ne a se a sa kgelohe.
Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana.
Yare ha Ragele a bona hore ha a tswalle Jakobo bana, a honohela ngwanabo, mme a re ho Jakobo: “Mphe bana, ho seng jwalo ke tla shwa!”
Kgosi Davida o ne a se a hodile, e se e le mobu; leha a pupetswa ka dikobo o ne a se a sa futhumale.
Elisha a re: “Jwale re ka mo etsetsa eng?” Gehasi a re: “Ha a na ngwana, le monna wa hae o se a tsofetse.”
Mehleng ya Heroda, kgosi ya Judea, ho ne ho ena le moprista e mong ya bitswang Sakariya, wa sehlopha sa Abiya, mohatsa hae e le e mong wa baradi ba Arone, lebitso la hae e le Elisabetha.
Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.
Yare ha Sakariya a ntse a sebetsa tsa boprista pela Modimo ka nako e beetsweng sehlopha sa hae,
Ha a a ka a fokola tumelong, ha a nahana hore e se e le mobu, kaha a ne a le dilemo tse ka bang lekgolo, le hore Sara a ke ke a hlola a pepa.
Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.
O ne a ena le basadi ba babedi. Lebitso la wa pele e ne e le Anna, la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a ena le bana, empa Anna yena o ne a se na bana.