Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, hape ba ne ba se ba hodile ba babedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Feela ba ne ba se na ngwana, hobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba hodile.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Mme ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba tsofetse.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Mme ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba tsofetse.

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:7
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?


Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse, ba se ba hodile; mme ho ne ho se ho se ho Sara ka mokgwa wa basadi.


Isaaka a rapela Jehova bakeng sa Rebeka, mosadi wa hae, hobane e ne e le nyopa; Jehova a utlwa thapelo ya hae, mme Rebeka, mosadi wa hae, a emola.


Eitse ha Ragele a bona hoba ha a tswalle Jakobo bana, Ragele a honohela moholwane wa hae, a re ho Jakobo: Nnee bana; ho seng jwalo, ke a shwa.


Morena Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo, mme leha a ne a apeswa ka dikobo, o ne a sa futhumale.


Elisha a re: A ka etsetswang? Gehasi a re: Empa seo a se hlokang ke mora, hape monna wa hae o se a tsofetse.


Mehleng ya Heroda, morena wa Judea, ho ne ho le moprista ya bitswang Sakaria, wa sehlopha sa Abia; mosadi wa hae e ne e le wa baradi ba Aarone, lebitso la hae e le Elisabetha.


Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.


Yare Sakaria ha a sebetsa tsa boprista pela Modimo ka tsatsi la sehlopha sa hae,


Mme kahobane a ne a sa fokole tumelong, ha a ka a bala mmele wa hae o seng o shwele (athe dilemo tsa hae di ne di batla ho ba lekgolo), leha e le ho shwa ha popelo ya Sara.


Ka tumelo, Sara le yena o filwe matla a ho emola peo, a ba a tswala a se a tsofetse, kahobane a ne a dumetse hoba ya mmaletseng ke ya tshepehang.


O ne a ena le basadi ba le babedi, lebitso la e mong e le Anna, lebitso la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a na le bana, Anna yena e ne e le nyopa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos