Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 11:11 - BIBELE

11 Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka tumelo, Sara le yena o filwe matla a ho emola peo, a ba a tswala a se a tsofetse, kahobane a ne a dumetse hoba ya mmaletseng ke ya tshepehang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ka tumelo le yena Sara o ile a fumana matla a ho ba le ngwana, mme a tswala, a se a tsofetse, kahobane a ne a re ke ya tshepahalang ya mo tshepisitseng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ka tumelo le yena Sara o ile a fumana matla a ho ba le ngwana, mme a tswala, a se a tsofetse, kahobane a ne a re ke ya tshepahalang ya mo tshepisitseng.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 11:11
10 Referencias Cruzadas  

Empa mosadi eo a ithwala, mme ka yona nako eo, ka selemo se hlahlamang, a beleha mora, jwalokaha Elisha a ne a ile a mmolella.


Bona, mong ka wena, Elisabetha le yena o emotse mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena ke ya botshelela ho ya neng a bitswa nyopa,


Hona ke ho bolela hore bao e leng bana ba Modimo hase ba tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng, empa ba tswetsweng ka ho ya ka tshepiso, ke bona ba nkwang e le ditloholo tsa sebele;


Empa mora wa mosadi eo e leng wa lekgoba o ne a tswetswe ka mokgwa o tlwaelehileng; athe mora wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba o ne a tswetswe ho ya ka tshepiso.


A re tiisetseng ho bolela tshepo ya rona re sa thekesele, hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos