Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:6 - BIBELE

6 Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Bobedi ba bona e ne e le ba lokileng pela Modimo, ba tsamaya ka ditaelo le ditaelo tsohle tsa Morena, ba se na sekodi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Bobedi ba bona e ne e le ba lokileng pela Modimo, ba tsamaya ka ditaelo le ditaelo tsohle tsa Morena, ba se na sekodi.

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:6
33 Referencias Cruzadas  

Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.


Tsena ke ditaba tsa Nowe. Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya neng a hloka kodi hara ba mehla eo, mme metsamao ya hae ya kgahla Modimo.


Morena a re ho Nowe: “Wena, le ba ntlo ya hao, kena ka arekeng, hobane ke bone hore molokong ona ke wena feela ya lokileng mahlong a ka.


kahobane ka matsatsi wohle a bophelo ba hae Davida o ile a etsa ho lokileng mahlong a Morena, a se ke a kgeloha letho la ditaelo tseo Morena a mo laetseng tsona, haese feela tabeng ya Uriya wa Mohete.


“Haeba le wena o ka ntshebeletsa ka botshepehi le ka ho loka jwaloka Davida, ntatao, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka,


“Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko.


a mpa a sebeletsa Modimo wa ntatae, a boloka ditaelo tsa hae, a se ke a etsisa Baiseraele.


Ho ne ho ena le monna e mong naheng ya Use, lebitso la hae e le Jobo. Monna eo o ne a lokile, a hloka kodi; a tshaba Modimo, a kgesa bobe.


Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe.”


“Ruri ke a tseba, ho fela ho le jwalo; motho a ka loka jwang mahlong a Modimo?


Nke ke ka hlajwa ke dihlong, ha ke hlokomela melao yohle ya hao.


Feela ba ne ba se na ngwana, hobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba hodile.


Jesu a re ho bona: “Lona le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona, hobane ho tlotlehang mahlong a batho ke manyala ho Modimo.


Jwale ho ne ho ena le monna Jerusalema ya bitswang Simeone. Monna eo o ne a lokile, a hlompha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele, mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.


Davida o ne a bue ka yena, a re: “ ‘Kamehla ke ntse ke hopotse Morena, kahobane o ka tsohong la ka le letona, nke ke ka sisinyeha.


Paulosi a tadimisisa lekgotla, a re: “Banna ba heso, ke nnile ka phela ka letswalo le kgutsitseng pela Modimo ho fihlela ka letsatsi lena.”


Kahona ke leka hore kamehla ke be le letswalo le kgutsitseng pela Modimo le batho.


Ha o na kabelo leha e le seabo tabeng ena, hobane pelo ya hao ha e a loka mahlong a Modimo.


Hona ho entse hore se batlwang ke Molao se tle se phethwe ke rona ba laolwang ke Moya, e seng ke botho.


Ke a le rorisa hobane kamehla le a nkgopola, mme le boloka tsohle kamoo ke di fetiseditseng ho lona kateng.


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.”


e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng,


Empa kajeno Modimo o le boelantse le yena ka lefu la Kreste, ka mmele wa hae o shwang, e le hore le tsebe ho hlaha pela hae le le ba halalelang, ba se nang sekodi, ba hlwekileng.


Ka mokgwa ona a ke a matlafatse dipelo tsa lona, e tle ere mohla Morena wa rona Jesu a tlang le bahalaledi ba hae bohle, le halalele, le se ke la nyatseha mahlong a Modimo, Ntata rona.


Ka baka leo, baratuwa, ha le ntse le lebeletse tseo, etsang ka matla hore Modimo a le fumane le se na letheba leha e le sekodi, le ena le kgotso.


Kaha le tseba hore o lokile, le lokela ho tseba hore mang le mang ya etsang tse lokileng o tswetswe ke yena.


Seo re tsebang ka sona hore re a mo tseba, ke ha re boloka ditaelo tsa hae.


Bana ba ka, ho se be ya le kgelosang. Ya etsang tse lokileng o lokile, jwalokaha Kreste le yena a lokile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos