Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 18:11 - BIBELE

11 Aborahama le Sara ba ne ba se ba hodile, ditshiu di ile, mme Sara o ne a se a sa kgelohe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse, ba se ba hodile; mme ho ne ho se ho se ho Sara ka mokgwa wa basadi.

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:11
14 Referencias Cruzadas  

Aborahama a itihela fatshe ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong: “Na monna ya dilemo di lekgolo a ka tswala ngwana? Kapa na Sara a ka hlola a eba le ngwana a le dilemo di mashome a robong?”


Aborahama o ne a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong ha a bolla,


A boela a re: “Ke mang ya neng a ka re ho Aborahama: ‘Sara o tla ke a nyantshe bana’?


Aborahama o ne a se a tsofetse, a atetswe ke ditshiu, mme Morena o ne a mo hlohonolofaditse dinthong tsohle.


Sara, mohatsa monga ka, o ile a tswalla monga ka mora boqhekung ba hae, mme monga ka o neile mora enwa tsohle tseo a nang le tsona.


Yaba Ragele o re ho ntatae: “Morena ka, o se ke wa nkgalefela, ha e le mona ke sitwa ho ema kapele ho wena, hobane ke ile dinakong tsa ka.” Labane a batla, empa a se ke a fumana medimo ya lelapa la hae.


“ ‘Ha mosadi a ena le lehatlelo, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Mang kapa mang ya mo amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.


Sakariya a re ho lengeloi: “Ke tla tseba taba eo kang, kaha ke hodile, le mohatsa ka a tsofetse?”


Bona, mong ka wena, Elisabetha le yena o emotse mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena ke ya botshelela ho ya neng a bitswa nyopa,


Feela ba ne ba se na ngwana, hobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba hodile.


O ne a ikgodisitse hore Modimo o na le matla, esita le a ho tsosa motho bafung. Kahoo a boela a amohela mora wa hae, jwaloka hoja a tsohile bafung.


Joshua o ne a tsofetse, mme dilemo tsa hae di se di ile. Morena a re ho yena: “O tsofetse, mme dilemo tsa hao di ile, empa ho sa setse naha e kgolo, e lokelang ho hapuwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos