Joabe a re: “Morena a ke a atise palo ya setjhaba sa hae halekgolo! Feela, monga ka, kgosi ya ka, ha ke re Baiseraele bohle ke bahlanka ba monga ka? Jwale ke ka lebaka lang ha monga ka a lakatsa ho etsa ntho ee? Ke ka lebaka lang ha monga ka a etsa Baiseraele ba tle ba sitwe?”
Kamora hoba Amasiya a furalle Morena, ba mo kunuta a le Jerusalema, yaba o balehela Lakishe, empa ba mo sadisa bahlabani morao ho ya fihla Lakishe, moo ba ileng ba mmolaela hona teng.
Ba bolella kgosi Usiya sefahlamahlo, ba re ho yena: “Usiya, ha o na tokelo ya ho tjhesetsa Morena mokubetso; ke baprista feela, e leng bara ba Arone, ba ileng ba halaleletswa ho tjhesa mokubetso. Tswa ka mona ka Sehalalelong, hobane o sitilwe; ebile Morena Modimo a ke ke a o tlotla!”
ba re ho bona: “Le ke ke la tlisa bathopuwa bana mona! Ere re se ntse re sitetswe Morena, jwale le batla ho eketsa dibe tsa rona le melato ya rona! Tshito ya rona e kgolo, mme Baiseraele ba halefetswe ka kgalefo e tshabehang!”
Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena o lokile, hobane ke mona kajeno re mesaletsana e phonyohileng, mme re kapele ho wena re ntse re le hara melato ya rona, le hoja re ke ke ra ema kapele ho wena, ka baka la yona.”
Ba nyallane le ditjhaba tseo; kahoo setjhaba sena se halalelang se kopantse madi a sona le madi a baditjhaba. Ba ka sehloohong ketsong ena ya bohlabaphiyo ke baetapele le babusi ba setjhaba.”
Ba se ke ba tshwana le bo-ntata bona, bao e bileng moloko o manganga, moloko wa befetohedi; moloko oo maikutlo a wona a neng a sa tsepama, moloko oo moya wa wona o sa tshepahaleng ho Modimo.
Se se se kgelohile kapele tseleng eo ke se laetseng yona. Se ipopetse namane ya kgauta, mme se e kgumametse, sa ba sa e etsetsa mahlabelo, sa re: ‘Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!’ ”
“ ‘Batho bao ba masalla ba tla ipolela makgopo a bona, le makgopo a bo-ntata bona, le ditshito tsa bona tseo ba ntshitetsweng ka tsona; le hore ba ile ba ntwantsha.
“Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Ha monna kapa mosadi a ka etsa sebe sefe kapa sefe se yeng se etswe ke batho, mme kahoo a sitelwa Morena ka ho se tshepahale, motho eo o tla ba molato.
Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.
Baradi bao ba tla kgelosa bara ba lona hore ba se ke ba ntatela, ebe ba sebeletsa medimo e meng; kahoo kgalefo ya Morena e tla le tlokomela, ebe o le timetsa kapele.
Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?
Ba mo roma le mahosana a leshome, kgosana e nngwe le e nngwe e le ya lelapa ka leng la malapa wohle a Iseraele, mme kgosana e nngwe le e nngwe e le hlooho ya lelapa labo yona hara merabe ya Iseraele.
“Setjhaba sohle sa Morena se bua tjena: ‘Bohlabaphiyo boo ke bo jwang, boo le bo etseditseng Modimo wa Iseraele, ha e le moo kajeno le tlohetse ho latela Morena, ka ho ikgahela aletare, hore le fetohele Morena kajeno?
Ho fetohela Morena ke sebe se kang boloi, manganga ke sebe se kang ho rapela medimo esele. Kahobane o furaletse taelo ya Morena, le yena o o furaletse hore o se be kgosi!”