Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 22:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ba tla ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade, ba ba bolella, ba re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ba fihla Gileade ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba bua le bona, ba re:

Ver Capítulo Copiar




Joshua 22:15
31 Referencias Cruzadas  

Joabe a re: Jehova a ke a atise setjhaba, se ke se fete bongata ba sona ba jwale halekgolo! Oho, morena, monga ka, ha ke re, kaofela ha bona ke bahlanka ba monga ka na? Ke ka baka lang ha monga ka a batla hoo? Na o rata keng ho bea molato hodima Baiseraele?


Baiseraele ba kwenehela ntlo ya Davida jwalo ho fihlela la kajeno.


Ho qala nakong eo Amatsia a neng a lesitse ho latela Jehova, batho ba mo fetohela Jerusalema; a balehela Lakishe, ba mpa ba mo phallela Lakishe, ba mmolaela teng.


ba hanela morena Osiase, ba re ho yena: Ha o na tokelo, Osiase, ya ho tjhesetsa Jehova dibano; ke ya baprista, bara ba Aarone, ba kgethetsweng ho di tjhesa. Tswa sehalalelong, hobane o sitilwe, mme ka hona o ke ke wa bona sebaka sa boithoriso ho Jehova Modimo.


ba re ho bona: Le ke ke la tlisa batshwaruwa bano mona, hobane le hopotse taba e tla re jarisa molato pela Jehova, le ho ekeletsa dibe tsa rona le molato wa rona; ruri, molato wa rona o se o le moholo, mme bohale ba Jehova bo tuketse Iseraele.


Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o lokile; rona re setse re le masala a phonyohileng jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Ke rona mona, re eme pela hao re le molato; athe ha ho ya ka emang pela hao a le jwalo!


Ke mona ba nyetse baradi ba bona, ba ba nyadisitse le bara ba bona, mme mofuta o halalelang o se o itswakantse le ditjhaba tsa naha tseo. Boikgantsho boo bo qadilwe ke dihlooho le bahlahlobi.


ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.


Ba se ba kgelohile tsela eo ke neng ke ba laetse yona. Ba iketseditse namane e tsholotsweng, ba kgumamile pela yona, ba bile ba e hlabetse mahlabelo, ba itse: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!


Empa ba nna ba ikgantsha, ba halefisa Moya wa hae o Halalelang; yaba o ba fetohela sera, ya eba yena ya ba lwantshang.


Empa etlare ha ba ipolela makgopo a bona, le makgopo a bontata bona, le ditlolo tseo ba nketseditseng tsona,


Ke sona sehlabelo sa molato. Motho eo efela o ne a sitetswe Jehova.


etswe Baamaleke le Bakanana e le bao pela lona, mme le tla timela ka lerumo, kahobane le furaletse Jehova, mme Jehova a ke ke a ba le lona.


Hobane ha le mo kgeloha, o tla nne a tlohelle Iseraele feelleng, mme le tla biletsa setjhaba sena timelo.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ha monna, kapa mosadi, a entse se seng sa dibe tseo batho ba sitelwang, ba sitelwang Jehova ka tsona, mme ha motho eo a le molato kahoo,


Ekare ha a sa ba utlwe, o bolelle kereke; ha a sa utlwe le kereke, ho wena a be jwaloka mohetene le molekgetho.


Ke a le rapela, banabeso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le nngwe; dikgaohano di se ke tsa eba teng hara lona, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le kgopolong e le nngwe.


Ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ha le phuthehile, lona le moya wa ka, ka matla a Morena wa rona Jesu Kreste,


Empa ekare ha pelo ya hao e kgeloha, mme o hana ho utlwa, mme o hulelwa ho kgumamela medimo esele, le ho e sebeletsa,


hobane bara ba hao ba ka kgeloswa ke bona, hore ba ntlohele, mme ba sebeletse medimo esele, mme kgalefo ya Jehova e ka le tukela, a o fedisa hang.


Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?


Yare bana ba Iseraele ha ba utlwa hoo, phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya bokana Silo ho ya ba lwantsha.


a ena le dikgosana tse leshome, kgosana e nngwe ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata meloko yohle ya Baiseraele, e nngwe le e nngwe e le hlooho ya ntlo ya bontata bona hara dikete tsa Baiseraele.


Ho itswe ke phutheho yohle ya Jehova: Molato oo ke o jwang oo le sitetsweng Modimo wa Iseraele ka wona, ha le furaletse Jehova kajeno, le bile le ikgahetse aletare, hore le tle le fetohele Jehova na?


haele moo le furalla Jehova kajeno na? Hobane, ha le fela la fetohela Jehova kajeno, hosasane o tla halefela phutheho yohle ya Iseraele.


Hobane boikgantsho bo ka sebe sa bonohe, mme bohata bo tshwana le tshebeletso ya ditshwantsho le ya diterafime; erekaha o lahlile taelo ya Jehova, le yena o o lahlile, hore o se ke wa nna wa ba morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos