Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:10 - BIBELE

10 Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke a le rapela, banabeso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le nngwe; dikgaohano di se ke tsa eba teng hara lona, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le kgopolong e le nngwe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Jwale, banabeso, ke a le rapela ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, hore le bue bohle ka ho tshwana, hore ho se be le dikgaohano hara lona; le mpe le kopanngwe ka ho phethehileng mohopolong o le mong le mohopolong o le mong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Jwale, banabeso, ke a le rapela ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, hore le bue bohle ka ho tshwana, hore ho se be le dikgaohano hara lona; le mpe le kopanngwe ka ho phethehileng mohopolong o le mong le mohopolong o le mong.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:10
44 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Bonang, ho hotle, ho monate hakaakang, ha bana ba motho ba phedisana ka kgotso!


Ke tla se nea pelo e leng nngwe le sepheo se le seng, hore se tle se ntshabe kamehla yohle, mme sona, mmoho le ditloholo tsa sona, se fumane tse molemo.


“Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale, hobane setsiba se ka nathola seaparo, mme sa eketsa ho taboha.


“Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale; esere setsiba se setjha sa nathola seaparo sa kgale, mme sa eketsa ho taboha.


Haeba mmuso o ikarola ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya.


Karohano ya eba teng hape hara Bajuda ka baka la mantswe ana.


Nna ka ho bona le wena ka ho nna, hore ba be ntho e le nngwe ka botlalo, lefatshe le tle le tsebe hore o nthomile, le hore o ba ratile jwalokaha o nthatile.


Yaba letshwele le fapana ka maikutlo ka baka la hae;


Ba bang ho Bafarisi ba re: “Motho eo ha a tswe ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.” Ba bang ba re: “Motho wa moetsadibe a ka tseba jwang ho etsa mehlolo e jwalo?” Karohano ya eba teng hara bona.


Jwale bongata ba ba dumetseng ba eba pelonngwe le moyamong, mme ha se ke ha eba le ya mong ya reng tseo a nang le tsona ke tsa hae a le inotshi, empa tsohle ba di kopanela.


Bana beso, ke rata ha le tseba hore ke rerile ka makgetlo ho le etela, empa ho fihlela jwale ke sa hlotswe. Ke ne ke rata hore le hara lona ke tle ke fumane ditholwana tsa mosebetsi wa ka, jwaloka ditjhabeng tse ding.


Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.


Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.


Bana beso, ka Morena wa rona Jesu Kreste le ka lerato la Moya, ke a le rapela hore le nthuse ka ho nthapella ho Modimo,


Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe


Bana beso, ke fela ke ile ka tsebiswa ka lona ke ba ha Kolowe hore le a tsekisana.


Taba ya pele, ke utlwa hore dikarohano di teng hara lona, diphuthehong tsa lona tsa kereke, mme ke batla ke dumela jwalo.


e le hore ho se be twantshano mmeleng, ditho di hlokomelane.


hobane le ntse le le ba lefatshe. Ha e le mona le sa na le mohono le diqabang hara lona, na hoo ha ho supe hore le ba lefatshe, mme le laolwa ke tsa botho?


Ka baka leo, ke le kgothaletsa hore le latele mohlala wa ka.


Nna Paulosi, eo ho thweng ke konyana ha ke le hara lona, empa ke tau ha ke le hole le lona, ka bonna ke ipiletsa ho lona ka mosa le ka bopelonolo ba Kreste.


Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.


Re thabile ha rona re fokola, empa lona le le matla. Hape, seo re se rapellang ke hore le phethehe.


Kahoo re maqosa a Kreste, kaha Modimo a kgothatsa ka rona. Re a le kopa lebitsong la Kreste: Boelanang le Modimo.


Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.


Bana beso, ke a le rapela: Ebang jwaloka nna, hobane le nna ke jwaloka lona. Ha le a ntshitelwa ka letho.


Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo.


Leha ho le jwalo, a re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse.


Ka baka la mosebetsi wa bona, le ba hlomphe haholo, le ba rate. Phedisanang ka kgotso.


Ha e le tabeng ya ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ya ho ba mmoho le yena, re a le kopa, bana beso:


Ka Modimo, le ka Kreste Jesu, le ka mangeloi a kgethilweng, ke ipiletsa ho wena, ke re: Tsena o di boloke o se na leeme, o sa ye ka tshobotsi.


Pela Modimo le Kreste Jesu, yena ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng, le ka baka la boiponahatso ba hae le ka Mmuso wa hae, ke ipiletsa ho wena, ke re:


Ba fihla Gileade ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba bua le bona, ba re:


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos