Joshua 22:18 - BIBELE18 hoo kajeno le ka fetohelang Morena? Ha e le mona kajeno le fetohela Morena, ho tla etsahala hore hosasane a halefele setjhaba sohle sa Iseraele. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)18 haele moo le furalla Jehova kajeno na? Hobane, ha le fela la fetohela Jehova kajeno, hosasane o tla halefela phutheho yohle ya Iseraele. Ver Capítulo |
Moshe a re ho Arone, le ho bara ba hae Eleasare le Itamare: “Le se ke la hlantholla moriri wa lona, kapa la hahola diaparo tsa lona, esere la shwa, mme Morena a halefela phutheho yohle. Empa bana babo lona, le ba ntlo yohle ya Iseraele, bona ba ka llela ho tjheswa hona ho entsweng ke mollo o hoteditsweng ke Morena.
E ile yare ha ke bona seaparo se setlesetle hara kgapo e tswang Shinare, le silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi, le setene sa kgauta se ka etsang boima ba halofo ya kilo, ka di tswela pelo, yaba ke a di nka. Ke di epetse fatshe, bohareng ba tente ya ka. Silefera e aleditse katlase ho tsona.”