Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 22:19 - BIBELE

19 Jwale he, haeba naha eo e leng ya lona e silafetse, tshelelang ka naheng eo e leng ya Morena, moo Tente ya Morena e leng teng, mme lona le ahe hara rona. Empa le se ke la fetohela Morena, kapa le rona la re fetohela, ka ho ikgahela aletare esele ho aletare ya Morena Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ha ekaba lefatshe leo le le ruileng le ditshila, ha le keng le tshelele lefatsheng le ruilweng ke Jehova, moo tabernakele ya Jehova e emeng teng, mme le nke lefa hara rona; le mpe le se ke la fetohela Jehova, hape le se ke la fetohela rona, ka ho ikgahela aletare esele ho aletare ya Jehova, Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 22:19
12 Referencias Cruzadas  

Baprista le Balevi ba neng ba le naheng yohle ya Iseraele, ba tloha dibakeng tsohle tsa bona, ba fallela ho Rehoboame.


O ba fihlisitse, mme wa ba ahisa thabeng ya hao, sebakeng seo o se entseng leaho la hao, Morena, Sehalalelong se entsweng ka matsoho a hao, Morena.


Empa lengeloi le sireletsang mmuso wa Peresiya le ile la nthibela ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong. Yaba Mikaele, le leng la mangeloi a ka sehloohong, o a nthusetsa, hobane ke ne ke setse moo ke le mong le kgosi ya Peresiya.


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: “ ‘Mohatsa hao otla fetoha seotswa hara motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya heno e tla arolelwa basele, wena o yo shwela naheng, naheng e silafetseng. Ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.


Bana ba bang ba Iseraele ba utlwa ho thwe: “Helang! bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba hahile aletare Gelelote, seterekeng sa Jorodane, lehlakoreng le ka ho bana ba Iseraele.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos