Joshua 22:20 - BIBELE20 Kapa le se le lebetse hore Akane, mora wa Sera, o ne a etse tshito ka ho nka dintho tse neng di rohakilwe, yaba Morena o halefela setjhaba sohle sa Iseraele? Bokgopo bono ba hae ha bo a ka ba timetsa yena a le mong feela!’ ” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)20 Hleka Akane, mora Sera, ha a ka a tlola molao wa tse entsweng anathema, mme phutheho kaofela ya Iseraele ya halefelwa na? Hape, le motho eo ha a ka a timela a nnotshi bokgopong ba hae. Ver Capítulo |
Moshe a re ho Arone, le ho bara ba hae Eleasare le Itamare: “Le se ke la hlantholla moriri wa lona, kapa la hahola diaparo tsa lona, esere la shwa, mme Morena a halefela phutheho yohle. Empa bana babo lona, le ba ntlo yohle ya Iseraele, bona ba ka llela ho tjheswa hona ho entsweng ke mollo o hoteditsweng ke Morena.