Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 22:21 - BIBELE

21 Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba araba dihlooho tsa merabe ya Iseraele, ba re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ebile bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ba fetola dihlooho tsa dikete tsa Iseraele, ba re:

Ver Capítulo Copiar




Joshua 22:21
11 Referencias Cruzadas  

Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale.


Pelo ya motho e rera merero, tseo a di buang di laolwa ke Morena.


Ya arabang a sa imamela hantle ke sethoto, o hlabisa dihlong.


Ya arabang ka bokgabane o supa setswalle sa nnete.


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


Petrose a qala ho ba qaqisetsa tsohle ka ho hlahlamana, a re:


Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,


Kapa le se le lebetse hore Akane, mora wa Sera, o ne a etse tshito ka ho nka dintho tse neng di rohakilwe, yaba Morena o halefela setjhaba sohle sa Iseraele? Bokgopo bono ba hae ha bo a ka ba timetsa yena a le mong feela!’ ”


“Morena Modimo wa medimo! Morena Modimo wa medimo! Modimo o a tseba, le lona Baiseraele le tsebe! Haeba hona ke bofetohedi kapa bohlabaphiyo, re timetswe hona kajeno!


empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos