Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:43 - BIBELE

43 Baamaleke le Bakanana ba se ba le emetse, mme ba tla le bolaya ka sabole. Kaha le furaletse tsela ya Morena, Morena a ke ke a ba le lona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 etswe Baamaleke le Bakanana e le bao pela lona, mme le tla timela ka lerumo, kahobane le furaletse Jehova, mme Jehova a ke ke a ba le lona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:43
14 Referencias Cruzadas  

“Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!


Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.


Empa jwale o re lahlile, wa etsa hore re tlontlolohe; ha o sa tswa le mabotho a rona.


Empa ba fetohela Morena, Moya o Halalelang ba o swabisa, ka baka leo, yena a fetoha sera sa bona, a ba lwantsha e le yena ka seqo;


Leha ba ka hodisa bana ba bona, ke tla ba timetsa, ba hloke le thokolwana. Ba tla ba madimabe ha ke ba furalla!


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


Baamaleke ba ahile naheng ya Negebe. Bahete, le Bajebuse, le Baamore, ba ahile dithabeng. Bakanana ba ahile pela lewatle, le pela noka ya Jorodane.”


Kaha Baamaleke le Bakanana ba ahile ka kgohlong ya naha eo, hosasane lona le kgelohe, le lebe lehwatateng, ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka.”


Se keng la nyoloha, hobane Morena ha a yo hara lona, mme dira tsa lona di tla le hlola.


Empa ba nna ba pheella ho nyolohela tlhorong ya thaba, feela areka ya selekane, mmoho le yena Moshe, ya se ke ya tswa diahelong.


“Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.


Ba fihla Gileade ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba bua le bona, ba re:


Ka baka leo, bana ba Iseraele ba ke ke ba tseba ho thulana le dira tsa bona; ba tla baleha dira tsa bona, hobane ba rohakilwe. Ha ke sa tla hlola ke eba le lona, haese feela ha le ka timetsa ntho eo e rohakehileng hara lona.


Delila a howa, a re: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Samosone a phaphama borokong, a re: “Ke tla phonyoha jwaloka kamehla, mme ke tla itokolla.” Empa o ne a sa tsebe hore Morena o mo furaletse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos